SEPHUTHELWANA SA TATAISO YA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
TATAISO YA 1
TATAISO YA
MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Phokotso ya bofutsana Ntshetsopele ya ka nako tsohle Tikoloho e ya moruo wa Masepala nepahetseng
Tshebeletso Ntshetsopele ya Mokgwatshebetso wa Selekane Ho kopanngwa e ntlafetseng moruo wa selehae ha sebaka
Tlhokomelo le Tlhahlobo
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng Taolo ya Phethahatso
Moralo o Kopantsweng wa ho Rala le Phinyeletso ya ditshebeletso
Moralo wa Mekgwa/Disebediswa Lenaneo la Moralo le Phethahatso
Molao/Leano /Ditshebetso Thupelo Taolo ya Moralo wa
KAHO YA BOKGONI
KETAPELE
Mmuso wa selehae o na le kabelo ya bohlokwa mosebetsing wa ntshetsopele ya Afrika Borwa. Mosebetsi wa phetoho wa ho theha bomasepala ba hlokang kgethollo ya botjhaba le ba sebetsang ke mohato wa lewa la bohlokwa o thusang mmuso wa selehae hore o kgone ho phetha mosebetsi wa ona.
Mehato ya bohlokwa ya mosebetsi ona wa phetoho e ne e le:
ho nehelana ka moralo wa leano le hlakileng ka Tokomane e Tshweu ya Mmuso wa Selehae:
mosebetsi wa ho tlisa demokrasi hape o ileng wa tswala bomasepala ba nang le bokamoso bo botle ho feta tshebetsong; le ho nehelana ka moralo o motjha wa molao wa mmuso wa selehae ka ho thakgola Molao wa Makgotla a Bomasepala le Molao wa Tshebetso ya Bomasepala.
Ha ho ne ho tshwerwe dikgetho tsa mmuso wa selehae ka la 5 Tshitwe 2000 ke ha mohato wa mmuso wa nakwana o fihla pheletsong mme moralo wa mmuso wa selehae o ne o kgona hore o kene tshebetsong jwale mme o simolle ho sebeletsa motheong o tsitsitseng.
Moralowa ntshetsopele o kopanetsweng ke se seng sa disebediswa tsa bohlokwa tsa mmuso wa selehae hore o kgone ho phethahatsa seabo sa ona se setjha sa ntshetsopele. Moralo wa ntshetsopele ho fapana le kabelo ya ona ya ho rala nakong e fetileng, jwale o bonwa e le mosebetsi wa tsamaiso ya masepala, e le karolo ya moralo o kopantsweng wa ntshetsopele le ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hopoletswe hore ka ona ho tle ho fihlelwe diqeto ditabeng tse kang tsa ditekanyetso tsa bomasepala, tsamaiso ya mobu, papatso ya ntshetsopele ya selehae ya moruo le ho tlisa phetoho makaleng a tshebetso a teng ka mokgwa wa lewa la ditherisano, le o latelanang hantle.
Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele, le ha ho le jwalo, e keke ya fana ka lesedi feela tsamaisong ya masepala, ebile e tshwanetse hore e tataise mesebetsi ya boemedi bofe kapa bofe bo tswang mahlakoreng a mang a mmuso, ba nehelanang ka tshebeletso ya mokgatlo o le mong, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso le lekala la poraefete kahare ho sebaka sa masepala.
Nakong e fetileng ya ofisi, balaodi ba selehae ba bangata ba nakwana ba ne ba se ba ntse ba ikakgetse mosebetsing wa ho lokisetsa Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele (bongata ba balaodi ba feletse feela tlhophisong ya di-LDO). Mosebetsi ona o ile wa etswa tlasa maemo a boima. Nakanong eo moralo wa molao o phethahetseng o ne o eso ka o ba teng. Makgotla a Taolo ya selehae a mangata (ka ho qoholeha Makgotla a Nakwana a Boemedi) a ne a se na bokgoni ba ho tsamaisa mosebetsi o jwalo wa ho rala. Ho na ho se na mekgwa ya ho rala e ileng ya lekwa pele mme ho ne ho hlokeha mananeo a phethahetseng le a latelanang hantle a thupelo. Le ha ho le jwalo bohle ba ileng ba ameha mosebetsing wa ka nako e fetileng wa MNK ba ile ba feta le thutong ya bohlokwa haholo. Makgotla a Taolo a seng makaenyana a ne a se a le tseleng e lebileng motheong ya meralo ya tshebetso e thusang ho ntlafatsa phethahatso ya merero le mananeo.
Jwale, hantle nakong ya makgotla a sa tswa kgethwa botjha, mokgwa o phethahetseng wa tshehetso o se o le teng bakeng sa mosebetsi o tlang wa MNK:
Sephuthelwana sena se setjha sa Tataiso ya MNK, se ntseditsweng pele ke moifo wa mosebetsi o ikgethang ho DPLG ka tshehetso e tswang ho GTZ, se nehelana ka tshebetso e seng e fetile tekong ya mokgwatshebetso le tsamaiso ya phethahatso ka moralo o amohelehang hantle ho basebedisi. Se kenyeletsa le dithuto tse fumanehileng mokgweng o fetileng wa tshebetso wa MNK.
Ho na le lenaneo la thupelo le akaretsang naha le akaretsang batho bohle ba tswang makgotleng a bomasepala kaofela le reretsweng batsamaisi ba bomasepala, bahlanka ba thekniki, dikhanselara le bahlanka ba profeshenale ba ralang.
Mokgwa wa tshehetso o akaretsang naha bakeng sa bomasepala ba selehae (PIMSS) o thehwa ka tshehetso ya ditsha tsa boemo ba setereke jwalo ka karolo eo eleng ya bohlokwa.
Palo e kgolo ya bomasepala, SALGA, mafapha a provense a mmuso wa selehae le lethathama la dikarolo tsa mafapha a naha kaofela ke dikarolo tse ileng tsa ameha mosebetsing o ileng wa tswala Sephuthelwana sena se setjha sa Tataiso ya MNK. Ke na le tshepo e phethahetseng ka lebaka lena, hore kgatiso ena e tla ba tataiso ya bohlokwa le mohlodi wa kgothalo bakeng sa bohle ba amehang mosebetsing wa MNKmekutung yohle ya bona ya ho etsa MNK sesebediswa sa ho sebetsana le ditlhoko tsa kahisano le tsa moruo tjhabeng tsa rona ka moralo o sebetsang ho feta.
TATAISO LETOTONG LENA E KENYELETSA:
TATAISO YA 1: DITATAISO
E fana ka tataiso ya mantlha ya sepheo, dikahare, tshebetso le dikarolo tsa mokgatlo tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tataiso, ntle le ho nehelana ka tlhaloso ya Mekgwa ya Molao ya Masepala, e tlola bonyane ba ditlhoko tse lokodisitsweng ke Molao.
E fana ka thuso ya ka moo ho ralwang mosebetsi wa ho rala ka teng. E toboketsa ka matla tlhakiso ya mesebetsi le boikarabelo, hodima ditlhophiseletso tsa tlhophiso le nyalanyo ya tshebetso ya moralo maemong a fapafapaneng.
TATAISO YA III: MEKGWA E LATETSWENG
E nehelana ka ka tlhahloso e nang le dintlha ya mehato ya tshebetso ya MNK le ya Moralo wa mesebetsi mohatong o mong le o mong le ho fana ka lesedi le hlokehang hodima:
sepheo (?Hobaneng??)
sephetho se hlokehang (?Eng??); le tsela tsa tshebetso tse laeletswang (?Jwang??) le dikarolo tsa mokgatlo (?Mang??).
TATAISO YA IV: POLOKELO YA DISEBEDISWA
E fana ka disebediswa kapa maqiti a fapaneng a ho rala bakeng sa moralo wa bohlokwa wa mesebetsi le dikeletso tsa ka moo disebediswa di ka sebediswang ka teng.
TATAISO YA V: DIKAROLO LE DITSELA
E fana ka tataiso ya ka moo ho ka amanngwang tataiso tse akaretsang tsa leano (tse sa tsepamiswang tsa MNK) kapa maano a karolo le tshebetso ya MNK.
E nehelana ka tataiso hodima:
lehokela la phethahatso ya moralo.
Disebediswa tsa tsamaiso ya phethahatso
Disebediswa tsa tlhokomelo le tsamaiso ya katleho.
HOBANENG HO TSHWANELA HORE HO BE LE TATAISO YA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moelelo wa leano
Boiphihlelo ba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
SEPHEO SA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moelelo ho latela histori
Ditshekamelo tsa Matjhaba moralong wa masepala
Moralo o teng ha jwale wa Molao le wa Leano
Qeaqeo le tlhokeho ya kutlwisisano
Sepheo
TEKOLO YA TATAISO E TENG YA LEANO LA NAHA LE METHEO
MORALONG WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Tokomane e Tshweu e reng
Molao wa Thuso ya Ntshetsopele o reng
Boiphihlelo ba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho fihlela mona
Ho kenyeletswa ha tataiso ya leano la naha le metheo
SE BOLELWANG KE MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
BAKENG SA MOKGWA WA TSHEBETSO YA MMUSO YA MORALO WA
NTSHETSOPELE
Moralo o teng wa molao le leano
Boitsebolo bo teng ho fihlela jwale
Metheo ya mokgwa wa tshebedisano wa mmuso tabeng ya moralo
Metheo ya kgokano dipakeng tsa mahlakore a mmuso le dipakeng tsa masepala le moralo wa dikarolo
NYALANYO YA MORALO WA MASEPALA WA KAROLO LE MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moralo o teng ha jwale wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Mokgwatshebetso wa ho bopa tataiso ya nyalano
Metheo ya ho nyalanya morao wa karolo ya masepala le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
BOIKARABELO LE MESEBETSI YA DITEREKE LE BOMASEPALA BA
SELEHAE
Moralo o teng wa molao le wa leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya kabelano ya mesebetsi le boikarabelo
Tataiso ya kabelano ya mesebetsi le boikarabelo ho latela mehato ya ho rala
DITLHOPHISELETSO TSA DITLHOPHISO TSA MORALO
WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya kabo ya mesebetsi
Metheo ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo
MORALO WA TSHEBETSO LE MEKGWA E LATELWANG
Ditlhoko tsa Molao le tsa Leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya mokgwa wa tshebetso
Metheo ya ho arabela potso ya JWANG
SEABO SA SETJHABA TSHEBETSONG YA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moralo o teng wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya seabo sa setjhaba
Mesebetsi le moelelo wa seabo sa setjhaba tshebetsong ya moralo wa ntsetshopele o kopantsweng
Disebediswa, mehato le
Metheo ya ho kgothaletsa setjhaba hoba le seabo
Metheo ya ho arola seabo sa setjhaba ka mehato
MEKGWA YA TSHEHETSO YA MORALO WA MASEPALA
Moralo o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya mokgwa wa tshehetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Metheo mesebetsing le boikarabelong tlasa mokgwa wa tshehetso wa Moralo wa tshehetso o kopantsweng
TLHAHLOBO LE KANANELO YA MERALO YA NTSHETSOPELE E KOPANTSWENG
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya tshebetso ya Tlhahlobo/Kananelo
BOEMO BA MOLAO BA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moralo o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya ho etsa bonnete ba tshusumetso ya Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng
MEHALA YA BATHO BA BOHLOKWA BAO HO KA IKOPANNGWANG LE BONA
HOBANENG HO HLOKEHA HORE HO BE LE TATAISO YA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
MOELELO WA LEANO
Ha Meralo ya Ntshetsopele o Kopantsweng e ne e etswa tlhoko ya molao bakeng sa bomasepala ho Molao wa Mmuso wa Selehae wa Nakwana/Tokiso ya Bobedi ya , kutlwisiso ya bomasepala boemong ba leano e ne e hlile e haella haholo. Ho feta mona, ditlhoko tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di tsholohela kapa di namela ka tsela e itseng ho ditlhoko tsa moralo tsa Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Selehae ho latela ka moo e thehilweng ka teng ke Molao wa Thuso ya Ntshetsopele wa 1995. Metheo ya Molao wa Thuso wa Ntshetsopele e nehelane ka moralo wa leano wa bohlokwa mabapi le ntshetsopele ya moralo ya lehlakore la sebaka, empa eseng ho feta.
Dikarolo tsa bohlokwa tsa leano, molao le moralo wa mokgwa o latelwang bakeng sa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di ile tsa thehwa ka morao ho tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (e neng e hoketswe mmoho le Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha) e ne e se e qadilwe. Tsena tsohle di fuperwe ke Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae (PTPS ya Tlhakubele 1998) mme jwalo ka moalo wa leano le akaretsang, Bili ya Mekgwa ya Masepala (BMM), e ileng ya fetoha Molao ka 2000, le Bukana ya Tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ya (Loetse 1998).
Tokomane e Tshweu e fane ka:
Netefatso e utlwahalang ya moelelo wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ?ntshetsopele ya puso ya selehae?, ka ho qoholleha bakeng sa:
kabo ya mehlodi ka tshekamelo ya boikemisetso;
phetoho ya motheo ho bomasepala (Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka mokgwa wa taolo ya lewa ya mahlakore a fapaneng);
tshebedisano maemong a mang a mmuso; le tshebedisano ya ponaletso dipakeng tsa bomasepala le batho ba dulang moo, ho latela motheo wa boikarabelo.
Lenane la metheo ya leano leo Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lebeletsweng hore o le latele, jwalo ka tshekamelo ya ditlhoko tsa mantlha, phediso ya bofutsana le poloko ya tikoloho bakeng sa dinako tsohle.
Lenane la tataiso ya mokgwa o latelwang ho kenyeleditswe tlhotlhomiso ya dintho ho latela bohlokwa ba tsona, tsepamiso ya lewa, tshebetso e tla nne e eketswe, moralo wa nako e bohareng le mokgwatshebetso wa dikarolo tse tse ngata.
Molao wa Tshebetso ya Masepala, o hlalosang tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le o mong wa mesebetsi ya sehlooho ya masepala ho latela moelelo wa tshekamelo ya ntshetsopele ya teng, o tsepamisitse maikutlo ditlhokong tse itseng bonyane:
mabapi le dikahare tsa MNK
mabapi le tshebetso ya mokgwatshebetso wa moralo wa o kopantsweng wa ntshetsopele..
Ho hlaloswa mosebetsi wa moralo wa masepala ka hare ho moelelo o phethahetseng wa kopanelo ya puso. Kgaolong ya pele ?Seabo sa Setjhaba? Molao wa Melao ya Mekgwa ya Masepala e hlalosa metheo, ditsela, ditshebetso le mehato eo setjhaba se ka bang le seabo mosebetsing ona ka teng eleng ntho e amang , hara tse ding, tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
HOBANENG HO HLOKEHA HORE HO BE LE TATAISO
Dikahare tsa Leano
Boiphihlelo ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Sepheo ka tataiso tsena
Ditokomane tse ding tse ileng tsa tswalwa ke Tokomane e Tshweu e itshetlehileng Pusong ya Selehae di amana ka tsela e sa tobang hantle le Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Molao wa Tsheho ya Meedi ya Bomasepala o ile wa tla ka tshebetso e ntjha ya ho kgaohanya dibaka e ileng ya tswala phokotseho e kgolo ya palo ya bomasepala ba baholwanyane ebile ba le boemong bo betere ho feta ho ka ba dikarolo tsa puso ya selehae tse sebetsang hantle. Molao wa Metheo ya Bomasepala o fa bomasepala ba setereke mosebetsi o moholwanyane tshehetsong ya bomasepala ba selehae ha ho etswa MNK.
Bukana ya tataiso ya Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng e leka ho nehelana ka tataiso e nang le mokgwa o latelwang hantle ho bohle ba amehang mosebetsing wa ntshetsopele e kopantsweng ya ntshetsopele e le ho ba etsa hore ba kgone ho etsa mosebetsi ona o motjha. E fana ka mokgwatshebetso wa kgato e nngwe le e nngwe ka tatelano ya disebediswa tsa ho rala. E fapana le ditokomane tsa moralo wa leano le wa molao, ha e laele hore ho etswe jwang, mme e na le sebopeho sa ho fana ka bokgoni. E sebetsa jwalo ka motheo wa dithuto tsa thupelo le wa tshebeletso ya lesedi le ya keletso. E dula e fetolakwa e le ha ho itshetlehilwe ka boiphihlelo le tsebo e ntjha.
Jwalo ka bongata ba tshebetso tsa Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha le ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di ile tsa simolla pele Moralo ona o motjha oo eleng hona o hlahelang o qalwa, boleng ba tshebetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le diphetho e ne e ile ya susumetswe ka mokgwa o itseng o seng mokae ke Moralo.
BOPHIHLELO BA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Ho bomasepala ba bangata tshebetso tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa tsona, ditokomane tsa moralo, di ile tsa haellwa ke ditlhoko tsa mantlha tsa moralo o kopantsweng le lewa la moralo wa ntshetsopele. Tshebetso ena e bakile moferefere o moholo mme ka dinako tse ding e bakile pherekano ho ba amehang.
Ho e na le hore e sebediswe jwalo ka sesebediswa se sebetsanang le ditaba tseo eleng tsona tsa baahi ba moo le setjhaba ka moralo wa leano, le wa ntshetsopele ha mmoho le wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong, bomasepala ba bangata ba sebeditse ho feta ho kgotsofatsa feela ditlhoko tsa molao ka dikhonsaltente tsa bona ho latela moralo wa thibelo. Ka lebaka lena sephetho hangata se ne se lokodisa ditlhoko tse ngata tse hlokang nnete tsa ditshisinyo tsa boipolokelo le meralo e seng mekaenyana ya mofuta o itseng.
Dikgaello tsena di ka nkuwa ka tsela e itseng e le kgaello tsa bokgoni pusong ya selehae, mekgwa e latelwang e tswakatswakaneng haholo e ka nnang ya kgothaletsa mokgwatshebetso wa moralo ya thibelo le tlhokeho ya mekgwa e nepahetseng ya tshehetso e ileng ya qobella bomasepala ba bangata ho itshetleha ho dikhonsaltente. Ho feta mona, tshebetso ya tlhophiso ya motheo ya puso ya seleha ya nakwana e ne e le dintho tse ntjha ho bohle ba amehang. Dikgaello tse ngata, le ha ho le jwalo, di amana le tlhokeho ya moralo o hlakileng wa leano. Molao wa nakwana le pherekano ka Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha ha mmoho le Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele ebile tse ding tsa ntho tse bakileng mathata e le nnete. Dikgaello tse ding tse amanang le leano, jwalo ka ha ho hlalositswe mona ka tlase, di sa ntsane di rarollwa.
HOBANENG HO HLOKEHA TATAISO?
Moelelo wa Leano
Boiphihlelo ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng se ne e se sa hlaka hantle: taolong tse ding tsa selehae se ne se hlakile, ka lebaka la kgokahano ya bona e haufi le Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha, moo sepheo se neng se utlwisiswa e le tlhokeho e ikgethang ya moralo wa sebaka; taolong tse ding se ne se nkuwa e le tsela e kenyeletsang batho ho feta ya hore ho etswe letoto la merero ya diprojeke tsa boipolokeho bakeng sa hore ho tle ho fumanwe boraditjhelete ba kantle. Ha ho moo e ne e bonwa jwalo ka tshebetso e kgolo ya masepala ya ho aba mehlodi e teng le kgonehang mabapi le ntshetsopele ya mawa le tokodiso ya merero ho latela bohlokwa ba yona.
Ka lebaka leo sephetho sa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele hangata e ne e se ntho e fetang letoto la dihlooho tsa merero ya diprojeke tse hlokang qaqiso le tse hlokang leano la phethahatso. Ho ne ho se na bopaki ditokomaneng tse ngata tsa ho rala hore tataiso ya ntshetsopele ya leano kaofela jwalo ka phediso ya bofutsana, kgolo ya moruo kapa ntshetsopele ya tikoloho ka dinako tsohle di ile tsa nkelwa hloohong.
Ho ne ho se na mohato o hlakileng le oo ho dumellanweng ka ona bakeng sa ho hokanya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le moralo wa mahlakore a mang a mmuso le moralo wa dikarolo tse ding. Ka mantswe a mang, moralo wa masepala o lokela hore e be karolo ya mokgwa wa moralo ka hara mafapha a mmuso o e song ho be teng ha jwale. Ha ho na le ha e le tlhakiso e lekaneng e tla thusa bomasepala ho rarolla pherekano ya ditlhoko tse ngatangata tsa molao.
Ho ne ho se na tlhaloso e hlakileng ka MNK tsa bomasepala ba selehae le ba setereke e lokelang ho kopanngwa ka teng (ntle le hore e lokela hore e etswe ka nako e le nngwe le hore e be le kgokahano). Ka lebaka leo bomasepala ba selehae le bomasepala ba setereke ba ile ba etsa meralo ya bona ka ho phatlalla ntle le ho tsebisana, kapa bamasepala ba selehae ba ile ba emela ditereke.
Ho ne ho se na kgopolo e hlakileng le e utlwahalang e amanang le kabelano ya mesebetsi le boikarabelo ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ditlhaloso tse hlokang moelelo le tse bontshang ho hahamalla ho hong tse neng di re bomasepala ka bobona e lokela hore e be beng le batsamaisi ba tshebetso di ne di sa lokela bakeng sa balaodi ba selehae ba hlokang bokgoni ba profeshenale. Ka lebaka la kgaello ya tataiso tabeng ya kabelano ya mesebetsi le boikarabelo ka tsela e utlwahalang le e qoholehileng ho feta, batsamaisi ba bomasepala ba ne ba sekametse ho ntshetsa ntle boikarabelo kaofela ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Ka tsela e loketseng taba ya mokgwa wa tshehetso o loketseng bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ha e a arabuwa. Ntle le tataiso e itseng ya tlhophiso e swang diprovenseng, dikhonsaltente tsa moralo e ne e le wona feela mookgwa o fihlelehang wa tshehetso.
Dipotso tsa motheo tsa mokgwa o lokelang ho latelwa mabapi le mokgwatshebetso wa moralo e jwalo ka:
mekgwa e laelang, e sekametseng ka lehlakoreng le le leng le tebileng kgahlanong le mekgwa ya puisano, dipuisano tse tsepamisitsweng ditabeng le tshebetso tsa ho nka diqeto;
mokgwa wa kgokelo ya phethahatso ya moralo wa ditekanyetso; le
MNK ? le kgokelo ya taolo ya naha jwalo jwalo,
Ke dintho tse lesitsweng ho dikhonsaltente tsa boemo ba thekniki. Ha di a tsitsa boemong ba leano.
Bomasepala ba bangata le dikhonsaltente tsa bona ba hlolehile ho hlophisa tshebetso ya hore setjhaba se kgone ho ba le seabo ka tsela e nang le moelelo, hobane tataiso ya mantlha e ne e le siyo
Le ha kananelo ya Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha e ile ya rarollwa ke Molao wa Thuso ya Ntshetsopele, ho ne ho sa hlaka hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hore o hlahlojwa ka motheo ofe le ho ananelwa jwang.
Boemo ba molao ba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng bo hloka tlhakiso e fetang mona.
Ntle le ha ditaba tsa leano la bohlokwa le jwalo di hlakisitswe, mekutu yohle mahlakoreng a kaho ya bokgoni, ho thehwa ha mekgwa ya tshehetso le ho tjhoriswa ha mekgwa ya ho rala di tla ba le tshusumetso e seng kaenyana feela bolengng ya tshebetso tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le diphetho tsa teng tsa ntshetsopele.
Ho na le lengopehadi le bonahalang le le teng pakeng tsa moralo o batsi wa leano la Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae le bonyane ba tlhoko tse hlalositsweng ke Molao wa Mekgwa ya Masepala ka lehlakoreng le leng, le moralo wa mekgwa e qoholehileng ya ho rala jwalo ka ha e qaqisitswe ke Bukana ya tataiso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ka lehlakoreng le leng. Sekgeo sena se lokela ho kwalwa ho etsa hore puso ya selehae e kgone ho sebedisa hantle moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le sesebediswa.
SEPHEO KA TATAISO TSENA
Sepheo ka tataiso tsena ke ho tiisa hore baamehi kaofela tshebetsong ena ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (ho kenyeleditswe le barupedi le batho ba profeshenale ba amehang ntshetsopeleng ya disebediswa le ho etsa melawana) ba utlwisisa sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ntho ena e tla ba thusa ho fihlela diqeto tsa lewa le tse utlwahalang tse amanang le ditaba tsa bohlokwa tsa batho ka moralo wa ditherisano le o kopantsweng, le ho phethahatsa mehato ya tharollo ya mathata ka potlako ho feta le ka mokgwa o tshwanetseng ho feta.
Tataiso tsena ke ditlhoko tse ding tsa pele ho tse nne tsa bohlokwa bakeng sa ho etsa hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e be sesebediswa sa bohlokwa ho feta ntshetsopeleng ya mmuso wa selehae. Tataiso tse ding ke: Ntshetsopele ya mokgwa o latelwang; tlhophiso ya mananeo a thupelo; le ho thehwa ha mokgwa wa tshehetso.
Dikarolo tse hlokang tataiso e nngwe ya leano ho feta mona di amanngwa le dikgaello tse lokodisitsweng ka hodimo. Di bopa motheo wa sebopeho sa tataiso tsena:
Kgaolo ya 2: Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala.
Kgaolo ya 3: Ho lekolwa ha tataiso le metheo ya naha moralong o kopantsweng wa ntshetsopele
Kgaolo ya 4: Se bolelwang ke moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala bakeng sa mokgwa wa ntshetsopele ya moralo wa tshebedisano ya mmuso
Kgaolo ya 5: Nyalanyo ya ditlhoko tsa mokgwa wa karolo le moralo o kopantsweng wa ntshetsopele.
Kgaolo ya 6: Kgokanyo ya mesebetsi ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le bomasepala ba setereke le bomasepala ba selehae.
Kgaolo ya 7: Ditlhophiseletso tsa tlhophiso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng kahare ho masepala.
Kgaolo ya 8: Mekgwa ya Tshehetso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala.
Kgaolo ya 9: Moralo wa Tshebetso le mekgwa o lokelang ho latelwa.
Kgaolo ya 10: Seabo sa setjhaba Moralong o kopantsweng wa ntshetsopele.
Kgaolo ya 11: Tlhahlobo le kananelo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Kgaolo ya 12: Boemo ba molao wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
HOBANENG TATAISO?
Moelelo wa leano
Boiphihlelo ba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Dibaka tsena di ile tsa pepesetswa tlhophollo e neng e lekwa feela nakong ya tshebetso ya tlhahlobo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tse ding tsa tsona di ile tsa lekolwa ka botebo ka dipatlisiso tsa diphuputso tse ikgethang tsa leano.
Tataiso di etsetswa ho fana ka tataiso le tsela e loketseng moo ho hlokehang. Di feta ditlhoko tsa molao. Sepheo ke ho etsa hore baamehi ba nang le boikarabelo ba kgone ho sebedisa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ntshetsopele sa mmuso wa selehae. Ka hoo tataiso tsena di radilwe ho latela ditlhoko tse latelang:
Tenyehetso: Tataiso tsena di tla fana ka monyetlwa wa mehato ya boithuto le hore di ka kenyeletswa bakeng sa ntlafatso moralong le ditshebetsong tsa tsamaiso.ya moralo wa tshebetso o tla kgothaletsa phapano ya mekgwa ya ho rala, ho latela phapano e teng ya dinnete tse fumanehang bathong ba selehae ba bomasepala ba Afrika Borwa.
Tshwano e nyenyane: Tataiso tsena di lokela ho fumana tekano dipakeng tsa sebaka seo ho nehelanweng ka sona bakeng sa tenyetseho kahare ho sebopeho sa yona le ho notla sebaka ho etsa bonnete ba hore ho na le tumellano e fihletsweng, melao e tshwanang le puo e tshwanang ka MORALO o itseng. Tshwano moralong wa bomasepala e fumanwa ka ditokelo tsa batho tse lekanang tsa demokrasi setjhabeng sa bona, le ka tlhokeho ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho bopa karolo ya moralo wa ho rala o akaretsang naha ka bophara, e leng ntho e hlokang tshebedisano e ntle dipakeng tsa dikarolo tse tharo tsa mmuso.
Ditlhoko tse fihlelehang tsa ho rala: Tataiso di lokela boloka ditlhoko tsa ho rala di le tlase le ho kgothaletsa thuo ya selehae ka ho boloka ditlhoko tsa moralo di le bonolo ka hohle ka moo ho kgonehang, ho nkeletswe hloohong mehlodi e haellang le bokgoni ba moifo wa tshebetso ho bomasepala ba bangata. Le ha ho le jwalo, tataiso tsena di tla lokela ho nkella hloohong hore moralo o itseng wa boleng o a hlokeha ho qoba taba ya ho senya tjhelete ka dipolokelo tse sa lokelang. Ho loketse hore mekgwa ya ho rala e ka nna ya lokela ho fapana dipakeng tsa Mokgahlelo wa A (metse ya diteropong) le Mokgahlelong wa C (seterekeng) le balaoding ba selehae ka lehlakoreng le leng, le Mokgahlelo wa B (bomasepala ba selehae) ka lehlakoreng le leng.
Tshekamelo ya Ntshetsopele: Mmuso wa selehae o tswelang pele, ho latela Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae, ke mmuso wa selehae o tsitlalletseng ho sebetsa le baahi le dihlopha tsa kahare ho setjhaba ho fumana mekgwa ya ho finyella ditlhoko tsa baahi, tsa ekhonomi le tse ding le ho ntlafatsa boleng ya bophelo ba bona. Ntho ena e na le tshusumetso tse itseng mosebetsing wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (eleng o lokelang ho kenyeletsa setjhaba) le sephetho (se lokelang hore se amanngwe le boikemisetso ba ntshetsopele kaofela). Tataiso tsena di hopoletswe ho thusa ho fetolela tshekamelo e hlokahalang ya ntshetsopele ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng tataisong e sebetsang le fana ka tsela.
Tshekamelo ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong: Tataiso e nngwe le e nngwe e lokela ho hlokomela hore moralo ha se qetello ya ditaba empa ke sesebediswa se tla o thusa ho fihlela tshebeletso e phethahetseng le e sebetsang hantle ha mmoho le e potlakileng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Ho boloka kgokelo e haufi le e bonaletsang dipakeng tsa Moralo, taolo e ntlafetseng ya setjhaba le phinyeletso ya ditshebeletso, ka hoo, ke motheo wa bohlokwa wa tataiso tsena.
HOBANENG TATAISO?
Moelelo wa Leano
Boiphihlelo ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Sepheo ka tataiso tsena
Tataiso tsena di tla thusa baamehi mosebetsing wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho tadima tshebetso ese tlhoko ya molao e jang bokgoni bo teng, empa e le sesebediswa bakeng sa tsamaiso le kgokahanyo e ntlenyana ya ho nka diqeto le phethahatso, e amanang le ditshebeletso tsa setjhaba le boikemisetso bo akaretsang ba ntshetsopele kahare ho sebaka sa boikarabelo.
SEPHEO SA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
WA MASEPALA
MOELELO WA HISTORI
Nkong ya dilemo tse mashome a mahlano ka morao ho hore ho ralwe bomasepala Afrika Borwa dilemong tsa bo-1930, ho rala boemong ba selehae hangata e ne e le:
ntho ya sebopeho sa thekniki mme setjhaba se ne se na le kabelonyana e nyenyane kapa se e hloka ka ho phethala;
ntho e tsepamisitsweng tshebedisong e laotsweng ya naha ka lethathama la mekgwa e kopakopaneng ya molao;
ntho e sebetsanang le ho ntshetsa pele maikemisetso a tsamaiso ya Kgethollo ka ho ntshetsa pele sebaka se arohantsweng ho latela botjhaba, ntshetsopele ya kahisano le ya moruo;
ntho e thehilweng hodima ditlhoko tsa kgopolelo tsa dihlopha tse neng di na le monyetla setjhabeng;
ntho eo boholo e ne e thehilwe karolwaneng, ka dipalangwang, tshebediso ya naha le meralo ya tlhekelo ya tshebetso tse neng di etswa ke mafapha a bomasepala a arohaneng me a se na moo a kopanang teng;
ntho tse hlokang tenyetseho e bile e le tsa sebopeho se kekeng sa fetolwa;
ntho e fapaneng ditabeng tsa paballo ya motjha o tjhele ya tikoloho le bokgoni ba moruo;
ntho e shebaneng feela le ntshetsopele ya sebaka le sebopeho sa lehlakore le le leng sa tlhekelo se etswang ke mokgatlo wa setjhaba bakeng sa mananeo a ho finyeletsa ditshebeletso;
ntho e sa tsotelleng mahlakore a ntshetsopele ya setjhaba le a moruo jwalo ka phediso ya bofutsana, bophelo bo botle ba setjhaba le thekolohelo; le ntho e fokolang tabeng ya ho thusa ka boipolokelo ba kgwebo ya poraefete.
Nakong ya dilemo tsa bo-1990, diforamo tse fapaneng tsa dipuisano (jwalo ka Foramo ya Selehae ya Dipuisano le Foramo ya Matlo ya Naha) di ile tsa tla ka mohopolo wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le ha di fetola moralo ona o siilweng ke dinako le o sa tshwanelang wa ho rala. Nakong yona eo, mohopolo wa moralo o kopantsweng o ne o fumana tshehetso ya matjhaba e le tsela ya ho fetola moralo o dikotokoto, le wa nakwana, le ditshebetso tse habileng morerong wa projekte wa ho rala wa dilemo tsa bo-1980; tsekamelo e lebisang kopanelo theknolojing; le ngongoreho ya boradikoloho ya hore ho be le lehlakore le phethahetseng mabapi le ntshetsopele.
Tataiso tsa Leano tsa ANC bakeng sa Afrika Borwa ya demokrasi, ka selemo sa 1992 di ile tsa etsa tlhahiso ya hore moralo o motjha wa bomasepala wa ho rala o lokela:
ho etsa bonnete ba hore baahi ba bangata ba ditjhaba kaofela le baamehi ba na le seabo;
ho etswa hore o shebiswe haholo bathong ba hlokang ka ho fetisisa;
ho tsitlellela tabeng ya ho fedisa menyetla ya kgethollo, metheo ya jeokrafi le ya mekgatlo;
ho tobiswa taabeng ya ho netefatsa hore ho na le ntshetsopele e kopantsweng le ya ka dinako tsohle; le ho tsepamiswa tabeng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Moelelo wa Histori
Ditshekamelo tsa matjhaba moralong wa masepala
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Qeaqeo le ho hlokeha ha kutlwisisano
Sepheo
Ka selemo sa 1995 ?Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng? o ile wa hlaha jwalo ka tshebetso e hlakileng ya ho rala mme o ne o kgothaletswa ke Ofisi ya Lenaneo la Ntjhafatso le Ntshetsopele le Foramo ya tshebedisano ya Mmuso bakeng sa Moralo o Sebetsang hantle wa Ntshetsopele. Moralo o Sebetsang hantle wa Ntshetsopele o ile wa hlalosa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le : ?.. Lenaneo la moralo wa tshebetso moo bohle ba nang le seabo le hopoletsweng mawa a kopantsweng a tshebetso, e le ho tshehetsa kabo e phethahetseng ya mehlodi e haellang dibapeng tsa mekgatlo le dibaka tsa jeokrafi le ho tshela meedi ya setjhaba ka moralo o kgothaletsang kgolo ya ka dinako tsohle, tekano le matlafatso ya bafutsana le batho ba timilweng menyetla?.
Mehopolo ena e ile ya ntshetswa pele Lenaneong la Ntjhafatso le Ntshetsopele, mme ya tiiswa ke Molao wa Motheo le ho tjhoriswa ho feta ditokomanengf tse ngata tsa leano ho kenyeleditswe le Tokomane e Tshweu e mabapi le Mebuso ya Selehae le Tokomane e Tala e mabapi le Moralo wa Ntshetsopele. E boetse e fuwa matla a semolao ke molao o tshwanang le Molao wa Tsamaiso ya Ntshetsopele, wa 1995, le Molao o Fetotsweng habedi wa Molao wa Nakwana wa Mmuso wa Selehae, 1996, le Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala, wa 1999, le Molao wa Tshebetso ya Bomasepala, wa 2000.
DITSHEKAMELO TSA MATJHABA TSA MORALO WA MASEPALA
Qaqolohanyo ya Moralo
Boiphihlelo ba Matjhaba ba sisinya hore mmuso wa selehae o tswelang pele le o nang le demokrasi ya sebele o lokela ho ba le seabo se holang Moralong, taolong le phethahatsong ya ntshetsopele boemong ba selehae.
Tshekamelo ya matjhaba ya ho ?nahana ka bophara ba lefatshe le ho etsa dintho hae? e entse hore ho be le tshekamelo e holang ya ho qaqolohanya mmuso ka kakaretso le moralo ka ho qoholleha.
India ho ile ha fetolwa molao wa motheo ka 1992 ho fana ka monyetla wa hore ho be le karolelano ya mesebetsi, ho kenyeleditswe le moralo wa motse wa teropo hore o lebe mekgatlong ya selehae ya teropo.
Balaodi kaofela ba selehae Germany ba hlokwa hore ba hlophise meralo ya bona le ha ho hlokeha hore e tsamaelane le meralo ya mahlakore a mang.
Malaysia teng balaodi ba selehae ba hlophisa meralo ya bona le merero ya diprojeke tse tla rarolla ditlhoko tsa selehae le ho tlatseletsa ditshisinyo tsa naha.
Indonesia teng ho na le tshebetso ya selemo le selemo e simollang tlase ho leba hodimo ya moralo wa ntshetsopele ya lebatowa, e simollang boemong ba motse.
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o arabetse tshekamelo ena ka ho etsa hore mmuso wa selehae o hlahelle ka mahetla ka matla a teng a phethahatso le taolo ya molao le matla a bohlokwa a tswelopele, empa puso eo e ntse e dula e le karolo e hokahaneng le lehlakore la mmuso. Sesebediswa se seholo sa sebopeho sena se setjha sa ntshetsopele ya puso ya selehae ke mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Moelelo wa histori
Ditshekamelo tsa matjhaba Moralong wa masepala
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
Qeaqeo le ho se utlwisisane
Sepheo
Ho etsa hore moralo o be le demokrasi
Tlaelo ya lefatshe ya demokrasi e toboketsa tlhokeho ya hore mehlodi le ditshebeletso di abelwe le ho qhalanngwa ka MORALO o lekanang le o hlokang leeme hore di fihlelle setjhaba kaofela. Tlwaelo ena e kenya tshebetsong morero wa hore batho ba tlwaelehileng ba be le kabelo ditabeng tsa nnete tse amang bophelo ba bona.
Moralo o fanang batho monyetla o bolela hore batho, dihlopha le mekgatlo ba lokela ho ba le monyetla wa ho fumana lesedi le loketseng ho ntshetsopele le ho ba le hona ho ba le seabo tshebetsong ya ho nka diqeto bakeng sa dibaka tseo ba dulang ho tsona le ho sebetsa ho tsona. Sepheo ka moralo o fanang ka seabo bathong hantlentle ke ho etsa hore demokrasi e tebe mme moralo o jwalo o bontsha ho sutha mohopolong wa ?mmuso? ho leba mohopolong wa ?puso?. Bahlahisi ba moralo ona o fang batho monyetla ba dumela hore ha ho na le tshebedisano e kgolwanyane dipakeng tsa mmuso le setjhaba ketso eo e tla tswala moralo o ntlafetseng le ntshetsopele ya phethahatso haholo boemong ba selehae.
Ka 1992, baetapele ba dinaha tse 179 ba ile ba saena moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya ka nako yohle e bitswang hore ke Ajenda 21 e thehilweng hodima kutlwisiso ya hore ditaba tsa ntshetsopele di ka rarollwa feela hantle ka seabo le tshebedisano ya balaodi ba selehae ka tshebetso ya moralo o fanang ka monyetla o jwalo wa selehae. Ajenda 21 ya Selehae e hlahisa hore bomasepala ba lokela ho kena ditherisanong tsa tshebetso ya moralo le baahi ba bona mme ba fihlele tumellano ka manane a lokelang ho tshohlwa a ntshetsopele bakeng sa baahi ba bona. Ke ntho e nkang taba ya ho fa setjhaba monyetla wa ho kenya letsoho ha ho nkuwa diqeto e le e nngwe ya ditlhoko tsa mantlha tsa ntshetsopele ya ho ya ho ile.
Afrika Borwa, ntshetsopele kaofela e amanang le molao o fetisitsweng ho tloha ka 1994 e hloka tshebetso e fang batho monyetla ha ho botjwa moralo. Molao wa Mekgwa ya Masepala o boetse o hlalosa kgopolo ena ya masepala ka ho kenyeletsa le setjhaba, eleng kgopolo e toboketsang tlhokeho ya tshebedisano ha puso ya selehae e hlophisa ditaba tsa bohlokwa ho latela bohlokwa ba tsona.
Ho fetolwa ha dikgopolo tsa mmuso
Hona jwale mmuso o sekametse hore o bonwe o fana ka bokgoni ba ho finyeletsa ditshebeletso baahing. Bomasepala ba nkwa e le mekgwa ya thuso ya ntshetsopele ya moruo wa selehae, eleng ho bolelang hore bomasepala ba lokela ho theha tlelaemete le moemo a loketseng matsete le kgolo ya moruo. Bomasepala ba lokela hore haholo ba batle hore ba thehe dilekane le baamehi ba bang tabeng ya phano ya ditshebeletso ka ho etsa bonnete ba tshebedisano le kgokahano ekasitana le ho ba le mahokela a mabapi le ntshetsopele ya selehae.
Boemong ba Afrika Borwa, ntshetsopele ya moruo wa selehae e nkwa e le sephetho sa bohlokwa sa tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tshebetso ya moralo wa masepala e lokela ho fana ka lepatlelo la hore ditaba tsa ntshetsopele di behwe ajendeng ya ntshetsopele ya masepala le ho theha menyetla hore ho be le tshebedisano le dilekane tsa tshehetso ya ntshetsopele ya selehae.
iv. Tsitlallelo ya ntshetsopele ya ho ya ho ile
Tshekamelo e nngwe ya matjhaba, ya ho tsitlallela ntshetsopele ya motjha o tjhele, e kgothaletsa bohlokwa ba ho kopanya dingongoreho tsa tikoloho ho di etsa tshebetso ya ho etsa qeto ya ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo.
Ho latela Ajenda ya selehae ya 21 le Ajenda ya matjhaba ya Bodulo, ?ntshetsopele e lokela ho tshehetsa bophelo ba baahi le matla a bona le ho aba melemo e teng ya ntshetsopele hore e anele bohle ka ho lekana, e le ho ba hlokomela nakong e telele?. Kgolo e tswellang ya moruo e nkuwa hangata ese ya ka dinako tsohle ntle le ha e tlatseletsa le ho tshehetsa mesebetsi ya ekholoji le ntshetsopele ya baahi.
Mesebetsi e pele ya ntshetsopele ya ka nako tsohle ha e a fapana le ya dinaha tse tswetseng pele tse kang Canada, Australia le New Zealand. UNDP ke e nngwe ya dinaha tse kgolo tsa matjhaba tse nang le seabo tse kgothaletsang ntshetsopele e sekametseng bathong e le ho tshehetsa ntshetsopele ya ho ya ho ile dinaheng tse tswelang pele.
Motsemoholo wa Curitiba Brizil Borwa ke sebaka se thoholetswang feta jwalo ka mohlala wa moralo wa motjha o tjhele le jwalo ka motsemoholo wa lefatsheng la boraro (dinaheng tse sa tswelang pele)
Culcutta India e hohetse maikutlo a lefatshe ka ditharollo tsa ho ya ho ile ntlheng ya tshebetso ya dikgwerekgwere le diswiritjhe .
Motsemoholo wa Greater Montego Bay ho la West Indies o ile wa ntshetsapele Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o neng o kgannwe ke setjhaba ka bosona mme sebaka seo se nkuwa e le mohlala wa ntshetsopele ya ho ya ho ile ya metse ya diteropong le metse eo eseng ya diteropo Jmaica.
Kgang ya taba ya tswelopele ya motjha o tjhele e isitswe ditokomaneng tsa molao le tsa leano tse fapafapaneng ho la Afrika Borwa jwalo ka:
metheo ya ntshetsopele ya naha e fuperweng Molaong o Thusang Ntshetsopele;
tlhaloso ya ntshetsopele ya mmuso wa selehae Tokomaneng e Tshweu e itshetlehileng Pusong ya Selehae;
Mekutu ya Ajenda ya Bodulo le Selehae ya 21 e kgannwang ke Lefapha la Naha la Bodulo le Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi;
Tokomane e Tala e mabapi le Ntshetsopele le moralo; le
Molao wa Taolo ya Tikoloho ya Naha.
Letsholo la taba ya kopanelo
Letsholo la matjhaba la kopanelo le thehilwe hodima mohopolo wa hore kopanelo e ntlafetseng e tla nyehela tshebedisong e sebetsang ho feta le e sebetsang hantle ya mehlodi e haellang. Mehlala ya matjhaba ya matsapa a Moralo o kopantsweng a kenyeletsa:
Lenaneo la Ntshetsopele ya Metse e meholo ya Lebatowa Thailand;
Tshebetso tsa ho qaqolohanya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng Ghana;
Ntshetsopele e kopantsweng ya Metse e Menyane le e Bohareng ya India; le
Letsholo la kopanelo Afrika Borwa ka bothata ba yona ba kgolo le ntshetsopele tse sa lekaneng, le nnete ya teng ya ditlhoko le mehlodi e haellang, le batla le le tshopodi le ho feta mme le hohle lefatsheng ho buuwa ka lona. Afrika Borwa e keke ya kgona ho etsa diphoso tse jang haholo tsa ntshetsopele. Ho teng ke ho leka hore e fihlelle kopanelo ka moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ka maikutlo a ho leka ho laola mehlodi e haellang ya naha ka moralo o tsamaelanang le o nang le sepheo
MORALO O TENG HONA JWALE WA MOLAO LE LEANO
Ho latela Molao wa Motheo (dikarolo tsa 152 le 153), puso ya selehae jara boikarabelo ba mesebetsi a ntshetsopele ya bomasepala, mme e na le boikarabelo moralong wa bomasepala. Matla a molao wa motheo hore e amanye tsamaiso ya yona, ditekanyetso le mesebetsi ya moralo le boikemisetso ba yona a fana ka sesupo se hlakileng sa sepheo se hopotsweng sa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala:
ho etsa bonnete ba hore ho na le ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona;
ho kgothaletsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo;
ho kgothaletsa tikoloho e bolokehileng le ya bophelo bo botle;
ho etsa hore ditlhoko tsa mantlha tsa ditjhaba di tliswe pele ho latela bohlokwa ba tsona; le ho kgothaletsa baahi ho kenya letsoho dinthong tsa bona.
Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae e tsamaelana le moya wa Molao wa Motheo moo o nkang moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e le sesebediswa sa ntshetsopele ya mmuso wa selehae ka tsela e hlakileng. Ntle le ho amanya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa ntshetsopele seo haholo se kgemang le boikemisetso bo hlakisitsweng Molaong wa Motheo, Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e lokodisa hantle hore ke hobaneng moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o nkwa e le sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho finyella sepheo sena. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o tla:
thusa ho nyalanya mehlodi e haellang le boikemisetso ba leano boo ho dumellanweng ka bona ha mmoho le mananeo;
etsa bonnete ba hore diketso tse nkuwang di lokodiswa hantle mabapi le ditlhoko tsa bohlokwa;
tiisa hore ho na le kopanelo e hlokehang le mahlakore a mang a mmuso, mme o tla sebetsa jwalo ka sesebediswa bakeng sa kgokahano le tshebedisano le mahlakore ana; le ho sebetsa jwalo ka motheol wa puisano dipakeng tsa mmuso wa selehae le setjhaba kapa baahi.
Molao wa Moralo wa Bomasepala o tiisa sebopeho sa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka tlhoko ya molao. Mabapi le sepheo e supa Molao wa Motheo.
Ho latela Moralo o teng wa molao le wa leano, ntle le boemo ba teng ba molao, ho hlakile hore Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala ha se qetelo ka boona, empa ke sesebediswa sa bohlokwa ho thusa mmuso wa selehae ho fihlela sephetho le boikemisetso ba ntshetsopele.
Mabaka a ho abela puso ya selehae boikarabelo ba ntshetsopele le boikarabelo ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ho sa natswe dikgaellotsa yona, ke:
bohaufi ba bona le baahi le batho ba moo, dibaka tsa selehae le maemo; le hore ke sebaka se loketseng seo ho sona ho ka hokelwang boipolokelo le msebetsi e fapaneng ya makala a fapaneng le baamehi ho latela sebaka le nako.
SEPHEO SA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moelelo wa Histori
Tshekamelo tsa Matjhaba Moralong wa masepala
Moralo o teng wa molao le leano
Qeaqeo le tlhokeho ya kutlwano
Sepheo
Disebediswa tse ding ke tsamaiso ya tshebetso le tshebedisano le baahi ba selehae le balekane (ho ba le kabelo ha setjhaba le dilekane tsa tshebeletso ya masepala)
QEAQEO LE HO HLOKEHA HA KUTLWANO
Ntle le ntlha ya hore Molao wa Motheo, ha mmoho le Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae, di fana ka lesedi le hlakileng ka sepheo sa moralo o kopantsweng ntshetsopele, ho na le qeaqeo tse ngata tse fapaneng le tlhokeho ya kutlwano hara baemedi ba mmuso wa selehae le diprofeshenale tsa moralo:
Batho ba bang ba na le qeaaeo hore naa ho loketse hore ba sebedise mehlodi e fetang le nako moralong ha batho ba tlase bona ba ntse ba dutse ba lebeletse hore ditshebeletso di finyelle ho bona.
Batho ba bang ba na le qeaqeo ya hore naa ho na le molemo wa hore ba etse moralo kaofela empa ho se na mehlodi ya ditjhelete e teng bakeng sa ntshetsopele ho bomasepala ba bangata.
Ba bang ba na le qeaqeo hore naa Moralo e fela e le sesebediswa sa bohlokwa sa ho finyella sephetho sa ntshetsopele.
Bahlanka ba bangata boemong ba provense le ba naha ba ntse ba na le tshekamelo ya ho nka hore Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o amana ka ho ikgetha le ditekanyetso tseo eleng tsa mmuso wa selehae le mesebetsi ya teng feela.
Ka lebaka la kgokahano e haufi haholo le di-LDO, batho ba bangata (haholo bahlanka ba mmuso wa selehae) ba amanya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le moralo wa sebaka oo ba sa sebetsaneng le karolo ya boikarabelo ba teng ho hang. Ka hoo, moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke wa lehlakore le itseng.
Ho bomasepala ba bangata, sepheo se ka sehloohong sa ho etsa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele (ntle le taba ya hore ke tlhokeho ya molao) ke ho bokella letoto la merero ya diprojeke tsa boipolokelo bakeng sa ho fumana tjhelete e tswang kantle, haholo e hlokehang bakeng sa tlhekelo ya mesebetsi ya merero ya diprojeke e fumanang tshehetso e tswang ho Lefapha la Puso ya Diprovense le ya Selehae.
Kutlwisiso tse fosahetseng tse jwalo ha mmoho le dingongoreho di bontsha hore ho hlokeha tlhakiso e kgolwanyane hodima sepheo le kutlwisiso ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho kgodisa ba bang ba batho ba nang le seabo ka ho tshwaneleha le bohlokwa ba Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo.
SEPHEO
SEPHEO SA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moelelo wa Histori
Ditshekamelo tsa Matjhaba Moralong wa bomasepala
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Qeaqeo le tlhokeho ya kutlwisisano
Sepheo
Sepheo sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke ho fana ka tshebeletso tse potlakileng le tse loketseng tsa ho finyeletsa ditshebeletso bathong le ho fana ka moralo wa tshebetso bakeng sa ntshetsopele ya moruo le ya setjhaba ho bomasepala. Ho na le lethathama la mahokela dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le sephetho sa ntshetsopele ya teng, e leng ntho e dumellanang ka ho ikgetha le moelelo wa qaka ya ditjhelete, potlako ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong le moloko wa mosebetsi. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o ka ba le nyehelo phedisong ya bothata ba nakong e fetileng ba ntshetsopele, le ho etsa hore mohopolo wa ntshetsopele ya mmuso wa selehae o sebetse le ho tlisa puso e kopantsweng.
Phediso ya bothata ba ntshetsopele ya nakong e fetileng
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho fetola metse ya rona e meholo, metse le dibaka tsa metse eo eseng ya diteropo.
Mokgwa wa moralo nakong ya kgethollo o ile wa kgokgothela mohopolo wa ntshetsopele ka karohano dipateroneng tsa ntshetsopele ya sebaka. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o tla boela o tsepamisa maikutlo ho se lekaneng hona ha dibaka le ho kgothaletsa bodulo ba batho bo kopantsweng ka:
ho etsa bonnete ba hore ho na le kutlwisisano tabeng ya ntshetsopele ya menyetla ya sebaka, dipaterone le ditshekamelo ho etsa metheo ya ntshetsopele ya sebaka ya selehae e kgothaletsang ntshetsopele e kopantsweng le ya ntshetsopele ya ka dinako tsohle;
popo ya mawa a ikgethang a hopoletsweng phetolo ya sebaka sa metse e meholo le diteropo; le popo ya moralo wa ntshetsopele ya sebaka e fanang ka kakaretso ya sebaka ya boipolokelo bo radilweng ba setjhaba le ba karolo ya poraefete.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho kgothaletsa tekano ya setjhaba.
Tshebetso ya ho etsa moralo e fana ka monyetla bathong ho kenya letsoho ho latela ka moo e bopilweng ka teng mme e dumella mesebetsi ya selehae ya demokrasi, matlafatso le ho tjhafatswa ha setjhaba. Mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e radilwe ka moralo o etsang hore bohle ba nang le kabelo le baamehi ba kgone ho na le lentswe ditabeng tse amang bophelo ba bona.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sebetsa twantshong ya bofutsana.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho rarolla bothata bo matla ba ho se lekane ha setjhaba le ho se lekane ha moruo jwalo ka ntho e etsahalang metseng ya diteropo le metseng eo eseng ya diteropo ha mmoho le maemo a seng matle a amang dihlopha tsa batho ba behuweng ka mosing ka lebaka la botjhaba, bong ba bona, dilemo kapa kgolofalo.
Molao wa Motheo o hloka hore ?masepala a bope le ho laola mosebetsi wa hae wa tsamaiso le wa ditekanyetso ha mmoho le wa moralo ho etsa hore ditlhoko tsa mantlha tsa batho di tliswe pele le ho kgothaletsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo?. Mawa, merero ya diprojeke le mananeo a etswang ka mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng a lokela hore a hlahlojwe ho laela bonamo boo a kgonang ho thusa ho matlafatsa le ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba behilweng ka mosing.
Sebopeho sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng se akaretsang, se kopantsweng le ho fa bohle monyetla wa ho kenya letsoho se etsa hore bothata ba phediso ya bofutsana bo rarollwe ka tsela e makalakala. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o ka kgona ho etsa tjena ka:
ho tseoamisa maikutlo dibakeng tse hlokang ho feta;
ho tlisa pele merero ya diprojeke tse nkellang hloohong bothata ba bafumanehi le batho ba behilweng ka mosing;
ho rarolla bothata ba tlhokeho ya naha ka ho phethahatsa mekutu e loketseng ya ho tlisa diphetoho tabeng ya naha;
ho kgothaletsa ntshetsopele ya moruo wa selehae; le ho hlophisa mesebetsi ya meralo ya sebaka e etsang hore bafutsanehi ba be ka sehloohong moruong.
SEPHEO SA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Moelelo wa histori
Ditshekamelo tsa matjhaba moralong wa masepala
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le wa leano
Qeaqeo le tlhokeho ya kutlwisisano
Sepheo
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke wona o thusang ho tlisa phetoho motheong wa moruo:
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o ka thusa ka kgothaletso ya ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo ka:
ho thusa ka ho fumana ditjhelelete tse tswang mahlakoreng a mang a mmuso, mekgatlo ya bafani le batsetedi ka ho hlalosa le ho etsa merero ya diprojeke tse hohelang le mananeo;
ho thusa ho theha maemo a loketseng a ka hohelang matsete a dikgwebo tsa poraefete le le ho kgothaletsa ntshetsopele ya moruo wa selehae ka kakaretso; le ho hlahisa mekutu e otlolohileng moruong ka ho fana ka dikgothaletso ha ho etswuwa mohlala, ho ntshetsapele tlhekelo ya moruo, ho reka, ho ntshetsapele ho hirisa kapa ho rekisa naha.
Ho etsa hore mohopolo wa ntshetsopele ya mosebetsi wa mmuso wa selehae o sebetse
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke mokgwa wa ho ntlafatsa boleng ya bophelo ba batho ka popo ya merero ya diprojeke le mananeo a motjha o tjhele a kopantsweng.
Moralo wa ntshetsopele e kopantsweng ke mosebetsi o akaretsang o kopanyang le ho hokanya mahlakore ohle a ntshetsopele le a mang. Tshebetso ya moralo:
e thusa ho bopa mawa a ntshetsopele a kopantsweng;
o nkella hloohong ntshetsopele ya motjha o tjhele ya maqa a setjhaba, moruo le tikoloho;
e thusa ka mosebetso wa phapanyetso dipakeng tsa makala ka tshebetso tse ntlafetseng tsa tshebedisano tokodisang ya tsa bohlokwa tse lokelang ho tliswa pele;
e etsa bonnete ba hore mahlakore a ntshetsopele a nketswe hloohong ka ho phethahala tshebetsong ya popo e kopantsweng le merero ya diprojeke le mananeo a ho ya ho ile.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o beha motheo wa kaho ya setjhaba
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke lepatlelo la kaho ya maikutlo a thuo ya botjhaba ka hare ho sebaka sa masepala ka;
ho theha tjhebelopele ya bohle ya ntshetsopele ya nakong e tlang ya sebaka sa masepala;
ho fana ka sebaka moo setjhaba se kgonang ho buwa le ho etsa diphaphanyetsano;
hlokomela tumellano e fihletsweng mmoho mabapi le dintlha tsa bohlokwa tseo eleng tsa lewa haholo le tse potlakileng sebakeng sa masepala;
ho tlodisa mahlo dingangisano tsa dipolotiki tsa mokga molemong wa boloka tshehetso ditabeng tsa ntshetsopele tseo ho dumellanweng ka tsona mmoho;
ho fana ka motheo o tsitsitseng wa kaho ya dilekane tsa ntshetsopele;
ho tlisa kutlwisiso ya mahlakore ohle ditabeng tsa bohlokwa tsa ntshetsopele e akaretsang jwalo ka phediso ya bofuma, ntshetsopele ya moruo wa selehae le ntshetsopele ya tikoloho ya ka dinako tsohle.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke mokgwa wa lewa o thusang ka puso e ntlafetseng ya masepala.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o fana ka mokgwa wa lewa o thusang ka puso e ntlafetseng ya masepala ka:
ho hokela, ho kopanya le ho hokahanya meralo le ntshetsopele ya ditlhahiso ekasitana le mawa a mang, meralo le meralo ya tshebetso ya masepala;
ho sebetsa jwalo ka lewa la moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya mekgwa ya tshebetso e tshwanang le taolo ya ditjhelete, phumano le tsamaiso ya tshebediso ya naha;
ho nyalanya mehlodi ya ditjhelete le bokgoni ba batho ba masepala le phethahatso ya mawa, merero ya diprojeke le mananeo a tla rarolla bothata ba ditlhoko tsa dintho tsa bohlokwa tsa batho ba ka mosing, le ho boloka tlhekelo e teng ya mesebetsi le mesebetsi ya moruo ho masepala;
ho thusa bomasepala ho theha maikutlo ntshetsopeleng ya motjha o tjhele ya tikoloho le mawa a ntshetsopele;
ho fana ka tshekamelo e hlakileng ya tsamaiso ka ho dumella motsamaisi wa masepala le lekgotla ho fana ka tataiso le ho ba le taolo mabapi le boikemisetso bo bonaletsang boo ho dumellanweng ka bona ha mmoho le tse habilweng;
ho theha moralo o ka sebediswang bakeng sa tsamaiso ya phethahatso, haholo ho bomasepala ba nang le bokgoni bo haellang.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sesebediswa sa diphetoho pusong ya selehae
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le ho tlisa phetoho mmusong wa selehae ke ntho eo motho a ka e bitsang ?boemo ba tsuonyana le lehe?. Phetoho e itseng ya sebopeho e a hlokeha ho etsa bonnete ba hore ho na le ditlhophiso tse atlehileng le phethahatso ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Mosebetsi wa ho rala, le ha ho le jwalo o mabapi le ho tsepamisa mawa le mesebetsi e tla hloka diphetoho tseleng eo masepala a bopilweng ka yona.
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e lokela ho tswala mawa a tshebetso a tla etsa bonnete ba hore bomasepala ba kgona ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka tsela e sebetsang hantle le tsamayang hantle ntshetsopeleng ya dintho tsa bohlokwa tse lokelang hore di tliswe pele ho latela bohlokwa ba tsona, boikemisetso, mawa, merero ya diprojeke le mananeo a fumanehileng tshebetsong ya moralo wa masepala. Tshebetso ya moralo e tla kgothaletsa motheo wa diphetoho o tsamaelanang le dintho tsa bohlokwa tseo ho dumellanweng ka tsona hore di tliswe pele ha mmoho le boikemisetso ka morero wa ho fana ka matla a phethahetseng a boikarabelo bo botjha wa ntshetsopele ya mmuso wa selehae.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke motjha wa ho hohela matsete.
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e tla theha boemo ba hore ho be le tshepo e hohelang boramatsete ka ho hodisa meralo e hlakileng le eo ho dumellanweng ka yona ya nako e bohareng ya ditjhelete le ya matsete a ditjhelete.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hopoletswe ho fana ka lesedi ho masepala, provense, ditekanyetso tsa naha le mananeo ha mmoho le mekgatlo ya boemedi ya matlole, baahi ba bomasepala le motho ofe kapa ofe ya tswang kantle ya ka lakatsang ho dula kapa ho tsetela sebakeng sa masepala. Hona ha se feela boikarabelo ba mmuso wa selehae, kapa ba tswang kantle feela ka ho ikgetha.
Tshebetso ya moralo e lokela ho hlahisa tshisinyo ya morero wa projekte e loketseng le e kgonehang e tla etsa hore mekgatlo e fapaneng e be le kabo e potlakileng le tshebediso ya matlole. Sena se tla etsa hore mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o thehe meralo ya tshebetso bakeng sa ho beha dintho tse hlakileng tse lebeletsweng le dinako tseo merero le mananeo di tla phethahatswa ka tsona.
Afrika Borwa e na le matlole a mangata ho feta a fumanehang bakeng sa ho tshehetsa ka ditjhelete merero ya diprojeke boemong ba selehae a ka sebediswang. Hona ho etsahala ka lebaka la kgaello ya ditlhahiso tsa merero ya diprojeke tse ntle kapa meralo ya kgwebo. Mekgatlo ya boemedi ya matlole a selehae le a matjhaba a tswile letsholo le matla ho fumana ditlhahiso tsa merero ya diprojeke tse ka kgonang ho sebetsuwa. Ditlhahiso tse jwalo (tse loketseng hore e be manane a merero ya diprojeke tsa sebele eseng feela dihlooho tsa merero e hlokang moo e lebileng teng) di hloka ho ralwa. Ka hoo, tshitiso e kgolo ya ho finyeletsa ditshebeletso ha se tjhelete empa ke moralo o phethahetseng.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sebetsa ho etsa bonnete ba hore ho be le kabo e sebetsang hantle le phethahetseng ya mehlodi le tshebediso ya yona.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e etsa hore bomasepala ba lekole boitlamo ba bona le hore ba lokodise mananeo abona ka tlhatlhamano ho latela bohlokwa ba ona. Meralo ya Kopantsweng ya Ntshetsopele ho ya ka moelelo wa tlhokeho e kgolo ya tekano, e sebetsa jwalo ka moralo wa tshebetso wa bomasepala ho lokodisa mesebetsi ya bona ya bohlokwa ho latela ditlhoko tse potlakileng, ha ka lehlakoreng le leng ba bolokile tlhekelo ya mosebetsi kaofela ya moruo, ya masepala le ya setjhaba.
Moo mehlodi (ya ditjhelete) e fumanehang ka bongata, ha ho hlokehe haholo hore ho etswe moralo o phethahetseng. Ha mehlodi e haella ho feta, ke moo ho hlokehang moralo o tshwanetseng le ho feta, hobane moralo o bolela monahano o lokodisitsweng hantle ka mekgwa e fapaneng e meng ya ho sebedisa mehlodi e haellang ka moralo o nang le molemo ho feta. Maemo a ditharollo tsa kgopolelo hangata a qosa bomasepala ba haellang ke matlole ditjhelete tse ngata. Moralo o thusa ka ditharollo tse loketseng, ka ho hlahloba ditsela tse ding tsa ho rarolla bothata tshebetsong eo bohle ba nang le seabo ho yona. Ditjhaba tse futsanehileng di keke tsa kgona ho sebetsa kantle ho moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o thusa masepala ho aba mehlodi ya hae e haellang ka tsela e bontshang ho tsepamisa maikutlo hantle le ho ya ho ile.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sesebediswa sa ho thakgola le ho finyeletsa ditshebeletso ka tsela e potlakileng.
Tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e hlophisa hantle mosebetsi wa ditherisano:
o netefatsang tsebo e ntle, e potlakileng, empa ya mosebetsi wa ho nka qeto tse tshwarellang ka ho sa feleng;
o fokotsang tieho ka lebaka la diqhwebeshano le ho se amohelehe nakong ya phethahatso;
o tiisang taolo e sebetsang hantle le e phethahetseng le tshebediso ya mehlodi ya ditjhelete le batho tshehetsong ya phethahatso; le ho fokotsa maemo moo matlole a abilweng bakeng sa ho fana ka ditsheletso a kekeng a sebediswa ka nako ka lebaka la kgaello ya ditlhahiso tse amohetsweng tsa merero ya diprojeke tse ntle tsa profeshenale.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke sekala sa boikarabelo ba dipolotiki le le selekanyi sa mosebetsi wa masepala.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hoketswe nakong ya ofisi ya dipolotiki, ka hoo:
lekgotla la masepala le ditho tsa lekgotla di ka nkuwa di na le boikarabelo bakeng sa phethahatso ya teng;
ditjhaba di ka sebedisa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka selekanyi ho metha mosebetsi wa boradipolotiki;
ditho tsa lekgotla di ka sebedisa MNK jwalo ka mokgwa wa ho lekanya tsamaiso e sebetsang hantle le e babatsehang le ho matlafatsa boikarabelo ba bona ba dipolotiki.
Mmuso wa selehae o tla dula o phephetswa kgafetsa hore o tshehetse ka mabaka diqeto tsa ntshetsopele ho latela moelelo wa mehlodi e haellang. Mosebetsi o kopantsweng wa ntshetsopele o lokela hore o fane ka matla a selehae a nang le moralo o hlakileng, le boikemisetso ha mmoho le mokgwa wa kelello e tataisang ntshetsopele ya diqeto le ho beha motheo oo ka ona ho ka methwang tshebetso ya masepala.
Ho kgothalletsa puso ya kopanelo
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo wa ho tlisa nyalano le kgokahanyo dipakeng tsa mahlakore a mmuso.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele ke disebediswa tsa bohlokwa tse kopanyang mesebetsi ya mmuso wa selehae le mahlakore a mang a moralo wa ntshetsopele boemong ba provense, ba naha le ba matjhaba, ka ho sebetsa jwalo ka motheo wa dikgokahano le ho kopana mmoho.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke moralo o tlisang nyalano le kgokahano kahare ho mahlakore a mmuso.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ka hare ho masepala o na le seabo sa bohlokwa sa ho fana ka motheo wa dipuisano dipakeng tsa bahlanka ba mmuso, ditho tsa lekgotla, baahi le ba bang ba nang le seabo. Hobane dipuisano di tsepame hodima dingongoreho tsa nnete tse tshwang le kabo ya ditekanyetso, moralo ona o lokela ho etsa ho feta ho fetoha feela lepatlelo la dipuisano tse se nang moo di yang teng. Nakong e telele dipuisano tsena di lokela ho kgothaletsa ho feta dibaka tsa moo bohle ba kgonang ho kopanela teng, le ho bopa dikamano tse tla etsa hore tlhaloso e ntjha ya ?masepala? ho latela moralo wa Molao wa Bomasepala e fetohe ntho ya sebele.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e sebetsa jwalo ka motheo wa dipuisano pakeng tsa mmuso wa selehae le baahi boemong ba selehae, esita le batho ba bangata ba fapaneng ba nang le seabo ha mmoho le hlopha tse nang le thahasello. Mmuso oo batho ba nang le seabo ho ona le o nang le boikarabelo o na le moelelo feela ha o amana le ditaba tsa sebele, meralo le kabo ya mehlodi.
TEKOLO YA TATAISO TSA LEANO LE TENG HONA JWALE LA NAHA LE METHEO MORALONG O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
SE BOLELWANG KE TOKOMANE E TSHWEU
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae karolong ya B ntlheng ya ?ntshetsopele ya mmuso wa selehae?, e bolela tataiso tsohle tsa leano la naha la ntshetsopele le amanang ka ho kgetholoha le mmuso wa selehae. Boholo di thehilwe hodima molao wa motheo le meralong ya tshebetso ya lenao la naha la mantlha le tshwanang le Lenaneo la Kaho e etswang botjha le Ntshetsopele ha mmoho le Lewa la Kgolo, Mosebetsi le Kgasanyo. Tsona di bopa moralo o labalabelwang bakeng sa dikahare tsa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele. Tataiso tsena tsa leano la ntshetsopele le metheo le ka kgutsufatswa ka tsela e tjena:
Tshekamelo ditlhokong tsa batho.
Phediso ya bofuma ka ho nkella hloohong ka moralo o ikgethang batho ba behilweng ka mosing le ba kojwana di mahetleng le taba ya tekanyo ya batho ba banna le ba basadi.
Ntshetseopele ya tikoloho e tshwarellang motjha o tjhele le tikoloho e bolokehileng ele e ya bophelo bo botle.
Kgolo ya moruo le ho thehwa ha menyetla ya tjhelete e kenang le ya mosebetsi.
Kameho ya baahi, ditjhaba le ba nang le seabo.
Ditshebeletso tse tshwarellang nako e telele, bomasepala le bodulo.
MOLAO O THUSANG KA NTSHETSOPELE O RENG
Molao o thusang ka ntshetsopele, oo ka ho hlaka ho buuwang ka ona Tokomaneng e Tshweu ya Puso ya Selehae, o kenya metheo e itseng e ikgethang ya ntshetsopele ya sebaka e tshwanang le :
bodulo bo kopantsweng le boo batho ba ka kgonang ho dula ho bona;
diteropo tse phethahetseng ha mmoho le metse e meholo (eseng metse ya diteropo e tletseng batho ka moralo o bohlaswa)
tshebediso e phethahetseng ya tlhekelo e teng ya mesebetsi le ditshebeletso (eseng phetapheto); le taba ya ho nkela hloohong ka moralo o lekaneng bodulo ba molao le bodulo boo eseng ba molao
Ha Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o nyehela ntshetsopeleng ya setjhaba le ya moruo, e lokela ho nkella hloohong metheo ena.
BOIPHIHLELO BA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG HO FIHLELA MONA
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e ileng ya etswa selemong sa 1998 le sa 1999 e ne e sa hlahise tataiso tsena ha mmoho le metheo, kapa dintlha dife kapa dife tse ding tse totobetseng tse lokelang ho nkelwa hloohong. Dintlha tse kang kgethollo ya setjhaba (mohlala dihlopha tse ka mosing kapa kgethollo ho latela taba ya hore motho ke monna kapa ke mosadi), bokgoni le ho tshwarella nako e telele ke dintha tse neng di sa rarollwe ho hang. Ho bonahala ho na le kgaello ya tsebo ya hore tataiso ya leano e jwalo ha mmoho le metheo, di ka lekolwa ka moralo o jwang, mosebetsing wa ho rala.
TATAISO TSA LEANO
Tokomane e Tshweu e reng
Molao wa Thuso ya Ntshetsopele o reng
Boiphihlelo ba Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsope;le ho fihela mona
Ho kenyeletswa tataiso tsa leano la naha le metheo
HO KENYELETSA TATAISO TSA LENAO LA NAHA HA MMOHO LE METHEO
Ntle le ho kenella mehatong le mekgweng e latetsweng ka botebo, tataiso tsa lenao lena di ka fana ka tataiso e akaretsang e itseng le tsela mabapi le ditsela le mekgwa ya ho nkela hloohong tataiso tsa leano la naha la ntshetsopele ha mmoho le metheo moralong o kopantsweng wa masepala.
Motheo wa tshekamelo ya ditlhoko tsa mantlha o lokela hore o lekolwe tshebetsong ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ka:
ho fumanwa ha dikgeo ditshebeletsong bakeng sa ditshebeletso tsa mantlha jwalo ka karolo ya tlhophollo;
kgethollo ya ditlhoko ho latela bohlokwa ba tsona e hlahlojwe ke mehato e fapaneng ya setjhaba nakong ya mohato moo setjhaba se fuwang monyetla wa ho phehisa, bong le sebaka, le tlhopho ya ditlhoko ho latela hore ke tsa mantlha kapa ha se tsa mantlha;
etsa bonnete ba hore tshekamelo ya ditlhoko tsa mantlha e a hlahiswa boikemisetsong;
le ho etsa bonnete ba hore mawa a hlakile mabapi le ditsela tse hlahisitsweng tsa ho rarolla taba ya ditshebeletso tsa amanang le ditlhoko tsa mantlha.
Ka mantswe a mang: moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho fana ka dikarabo tse hlakileng tse mabapi le mohato wa ka moo ba lakatsang ho ntlafatsa le moralo oo ba lakatsang ho ntlafatsa ditlhoko tsa mantlha le hona ho di kgotsofatsa.
Tataiso ya leano ya phediso ya bofutsana ha mmoho le tekanyo ya bong ke dintlha tse lokelang ho lekolwa ka;
ho kenyeletsa mathata a setjhaba le a moruo ha mmoho le mathata ho latela kgethollo ya bong, ditlhoko le bokgoni jwalo ka karolo ya tlhophollo ho fumana dihlopha tse futsanehileng le dihlopha tse ding tse nang le mathata a ikgethang tlhophollong;
ho kgothaletsa dihlopha tse futsanehileng ho ba le seabo, dihlopha tsa bothata bo ikgethang, basadi, batjha jwalo jwalo, mosebetsing wa moo setjhaba se fuweng monyetla ka baemedi ba nnete, maqwetha kapa batho ba bang ba nang le bokgoni;
ho beha boikemisetso bo ikgethang ba sehlopha se hlwauweng, le ka ho etsa bonnete ba hore boikemisetso bona bo rarolla ditaba tse kgolo tsa bofutsana, ditaba tsa dihlopha tse nang le bothata bo boholo le tlhokeho ya tekano ya batho ba batona le ba batshehadi;
ho hlahloba mawa a mang a fapaneng ka ho lekola tshusumetso ya ona phedisong ya bofutsana le tekanyo ya bong;
ho nkella hloohong ditaba tsa bofutsana le tsa bong ba batho ha ho ralwa merero ya diprojeke tsa ditlhahiso(ditefello, sebaka, ho fihlelleha jwalo jwalo);
ho rala mokgwa wa ditefello ka mokgwa o tla utlwela bohloko batho ba futsanehileng le bong ba bona.
Meralo e kopantsweng ya ntshetsopele e lokela hore qetellong, e fane ka dikarabo tse hlakileng tabeng ya nyehelo e lebeletsweng ya phediso ya bofuma, tekanyo ya batho ba basadi le ba banna le dingongoreho tsa bohlokwa tsa dihlopha te ikgethang ka bothata, le hore naa masepala o ikemiseditse ho rarolla ditaba tsena ka tsela e jwang.
TATAISO YA LEANO
Tokomane e Tshweu e reng
Molao o Thusang Ntshetsopele o reng
Boiphihlelo ba moralo o Kopantsweng ho fihlela mona
Ho kenyeletswa ha tataiso tsa leano la naha le metheo
Metheo ya tikoloho e lokileng le ho tshwarella ha yona nako e telele e lokela ho kenyeletswa ka:
ho fumaneha ha moo tikoloho e senyehileng le mathata nakong ya tlhophollo;
ho kenyeletswa ha batho ba nang le seabo ba nang le bokgoni ekasitana le ba nang le mehlodi ba nang le dingongorehi tsa tikoloho mosebetsing wa ho fa setjhaba monyetla wa ho phehisa;
ho etsa bonnete ba hore mathata a maholo a tikoloho le ditshoso a hlahela boikemisetsong;
ho hlahloba mawa a mang ka ho lekola tshusumetso ya ona ya tikoloho;
ho lekola ntlha tsa tikoloho ha ho ralwa ditlhahiso tsa merero ya diprojeke.
Ka bokgutshwanyane, Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho fana ka karabo e hlakileng ya ka moo masepala a tla sebetsana ka teng le mathata a tikoloho le ho qoba tshusumetso e fosahetseng ya tikoloho.
Tataiso tsa leano tse amanang le kgothaletso ya kgolo ya moruo, tjhelete e kenang ha mmoho le ho fehla mosebetsi di lokela ho lekolwa ka:
tlhophollo ya metheo ya moruo, ditshekamelo le bokgoni nakong ya tlhophollo, bonyane mokgahlelong wa A le C wa bomasepala (bakeng sa bomasepala ba mokgahlelo o monyenyane wa B mosebetsi ona o tla ba moholo haholo);
ho kenyeletsa bohwebi (ho kenyeleditswe baemedi ba tsang mekgatlong eo eleng ya mmuso) mosebetsing wa ho fa setjhaba monyetla wa ho kenya letsoho;
ho etsa bonnete ba hore masepala e mong le e mong o theha mosebetsi/ leano la LED jwalo ka karolo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (mokgahlelo wa bomasepala ba B o ka fuwa tataiso ka diwekshopo tsa lewa tsa boemo ba setereke bo kopantsweng ho esta mosebetsi o nyallanang le tlhoko);
ho etsa qeto ka mehato e tla ntlafatsa mokgwa wa motheo bakeng sa boipolokelo ba poraefete le mesebetsi ya mokgatlo oo eseng wa mmuso;
ho etsa qeto ka dibaka tsa selekane sa tshebeletso ya masepala le ka mehato e lokelang ho kgothaletsa dilekane tseo tse jwalo.
Ka mantswe a mang: Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho kenyeletsa lewa la kgothaletso ya LED.
Motheo wa ho kenyeletsa baahi, setjhaba sa moo le batho ba nang le seabo mesebetsing kaofela ya masepala ke dintho tseo ho tla tsepamiswa maikutlo ho tsona ka botebo kgaolong ya 9 ya moralo wa tshebetso wa leano.
Motheo wa ho tshwarella ho ya ho ile ha ditshebeletso, bodulo le bomasepala e lokela hore e rarollwe ka:
ho hlopholla sekepele sa ditefello tse akaretsang bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng le mathata le bokgoni bo amanang le tshebetso e ntle ya tsamaiso le ho finyeletswa ha ditshebeletso ka moralo o phethahetseng hantle nakong ya tlhaphollo;
ho tsepamisa maikutlo ditabeng tse amanang le ditjhelete hore di tshwarellwe nako e telele le tshebediso e sebetsang hantle ya ditjhelete le tefello ya ditshebeletso nakong ya mosebetsi wa ho fa setjhaba monyetla wa ho phehisa;
ho rala boikemisetso bo tla nkella hloohong taba ya hore se etswang se tshwarellwe ho ya ho ile;
ho etsa qeto ka mawa a mang ho latela motheo wa tsela e amanang le hore se fihletsweng se tswarella ho ya ho ile;
hore nakong eo ho ralwang merero ya diprojeke tsa ditlhahiso ho nkellwe hloohong taba ya maemo a ditjhelete a tla tshwarella nako e telele (maemo a ditshebeletso, jwalo jwalo).
Ka bokgutshwanyane Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho qoba popo ya lenaneo feela tjena, mme e lokela hore e hlake tabeng ya hore masepala o tla fana ka ditshebeletso jwang ka moralo o sebedisang ditefello hantle, mme ka ho etsa jwalo a be le bokgoni ba hore boiteko ba hae bo tshwarella nako e telele.
Metheo ya MNT ya metse e kopantsweng, eo ho yona batho ba kgonang ho dudiseha le e phethahetseng ha mmoho le metse e meholo ekasitana le tekolo e lekanang ya dibaka tsa bodulo tsa molao le tseo eseng tsa molao ke dintho tse lokelang ho rarollwa ke Meralo e Kopanatsweng ya Ntshetsopele ka ho:
fumana mathata le dintlha tse ding mokgweng wa sebaka le dipaterone tsa bodulo ba masepala;
hlalosa boikemisetso ba ntshetsopele ya sebaka le mawa a amehang a ntshetsopele ya sebaka ya masepala;
etsa qeto ka mekgwa e meng ya bodulo e thehilweng hodima tekolo ya metheo ya MNT;
hlalosa disebediswa tsa taolo ya tshebediso ya naha hore di sebetse ho susumetsa paterone ya sebaka ka ho nyalellana le metheo ya MNT.
Ka mantswe a mang : Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e lokela ho kenyeletsa tekolo ya sebaka mme di lokela ho hlaka tabeng ya hore ntshetsopele e kgothaletswa jwang hore e tsamaelane le metheo ya mantlha ya sebaka jwalo ka ha e lokodisitswe ho MNT.
Ke ha feela Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e nketse hloohong metheo ena ya leano la naha la ntshetsopele le tataiso, e ka bang sesebediswa sa bohlokwa sa ntshetsopele ya motjha o tjhele e tsepamisitseng maikutlo ditlhokong tse potlakileng ho feta (ka tekolo e hlakileng ya ditlhoko tsa mantlha tsa batho ba futsanehileng) ho latela motheo wa ho sebedisa bokgoni ba moruo le ba tshebediso e sebetsang hantle ya ditefello e ntseng e eketseha.
MOELELO WA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
HO MMUSO WA MORALO WA NTSHETSOPELE
MORALO O TENG HONA JWALE WA MOLAO LE LEANO
Molao wa Motheo o batla ?mahlakore a ikgethileng empa a sebedisana mmoho? a mmuso. Hona ho hlalosa hore lehlakore ka leng le jara boikarabelo ba ho rala mesebetsi ya lona eo eleng boikarabelo ba lona, empa nakong yona eo mesebetsi ena ha mmoho le meralo e tsamaelanang le yona e ba tataisitseng, e lokela ho nyalanywa mmoho.
Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae e hlakile haholo tabeng ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo, ha mmoho le mokgweng wa ka moo e lokelang ho tsamaelana ka teng. E hloka hore ho be le lenyalo le hlahang ka mahlakoreng a mabedi, ho fapana le kamano e hlahang ka lehlakoreng le le leng e tswang hodimo e lebile tlase kapa e tlohang tlase e lebile hodimo. Mosebetsing ona wa nyalano ya dintlha, moralo wa boemo ba selehae o lokela hore thehe ditaba tsebong e tswang maanong a naha kapa le a provense, mawa le maemo, empa mananeo a mahlakore a mang a mmuso a lokela ho kopanngwa le ho hokahanngwa boemong ba selehae ho ntse ho nketswe hloohong ditlhoko tsa selehae, ditshebeletso tse lokelang ho tliswa pele ho latela bohlokwa ba tsona ha mmoho le mehlodi. Hona ho lokela ho etsahala mananeong a karolo ekasitana le mawa a dikarolo tse ngata. Le ha Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e fana ka moralo o hlakileng bakeng sa tshebedisano ya mebuso, ha e hlakisi hantle hore naa sena se bolelang bakeng sa moralo wa mokgwa wa ntshetsopele.
Molao wa Moralo wa Bomasepala (Moralo wa 13-4-2000) ha o tebe haholo, ha o re ?Moralo o etswang ke masepala o lokela hore o nyalane o be o tlatsetsane le meralo ya ntshetsopele le mawa a bomasepala ba bang ba amehang, makala a mmuso wa provense ao bomasepala ba fumanehang kahare ho ona, le makala a mmuso wa naha ? ?ha e qaqise hore nyalano ena (e ka bonwang feela e le mosebetsi o tswang ka mahlakoreng a mabedi, ho latela monyetla o fuweng setjhaba hore se kenye letsoho wa Moralo o hlokwang ke Molao wa Moralo wa Bomasepala) e lokela hore e fihlelwe jwang. E atisa ho etsa beha boikarabelo ba nyalano ho bomasepala, ka ho kopa hore ba lokise moralo wa bona ha o sa nyalane le meralo ya ntsetsopele le mawa a dikarolo tse ding tsa mmuso.
BOIPHIHLELO HO FIHLELA MONA
Ha ho nketswe hloohong tjhelete ya mmuso e qhalanngwang dipakeng tsa mahlakore a mmuso , Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e ka fetoha feela disebediswa tse matla tsa ntshetsopele ya mmuso wa selehae bakeng sa ho kopanywa ho hlokehang le kgokahanyo ya mananeo ohle a mmuso a kahare ho taolo ya ona, ha feela ho na le:
keketseho e bonahalang ya ho qhalanngwa ha ditjhelete e tla fa Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele matla a fetafetang ho ka ba le tshusumetso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong
Mokgwa wa moralo wa mafapha a mmuso o radilweng hantle le o qobellwang o tla fana ka tshusumetso e kgolwanyane Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele mabapi le moralo oo mahlakore a mang a mmuso (ho kenyeleditswe dikarolo tsa mafapha) a sebedisang ditjhelete tsa bona ka teng kahare ho bomasepala.
Ha ditlhoko tse tlamehileng ho ba teng pele di le siyo, Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e tla be e le disebediswa tse hlokang matla le tse hlokang thuso le tse sa thabelweng hakaalo boemong ba selehae tse bileng di nang le tshusumetso e fokolang tabeng ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong.
Ho boetse ho na le bothata bo bong hape bo amanang haholo le taba ya bosiyo ba ho qhalanngwa ha ditjhelete le/kapa mokgwa wa moralo wa tshebedisano ya mafapha a mmuso. Ha feela phethahatso ya Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e itshetlehile mekgweng e sa hlaloswang hantle ya ho fana ka ditjhelete bakeng sa ho phethahatsa merero ya diprojeke tse rerilweng, mokgwa wa ho kgothaletsa makgotla a selehae ka ho a putsa ka tsela e itseng, o tla hohlana le melao ya moralo wa lewa. Ho e na le ho tsomana le ditharolo tse bolokang ditjhelete le ho etsa hore dikgetho tsa lewa bakeng sa tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi e haellang, makgotla a na le ho nehelana ka manane a matelelehadi a ditabatabelo tsa bona hobane moralo ona o etsa hore kopo ya seo o se hlokang e menehanngwe habedi e le hore o tle o mpe o kgone ho fumana letho le itseng. mokgwa ona wa ho kgothatswa ka ho putswa o nyahamisa haholo diteko dife kapa dife tsa ho sebedisa hantle mehlodi e haellang.
MOKGWA WA MORALO WA TSHEBEDISANO YA MMUSO
Moralo o teng wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya MORALO wa Moralo wa tshebedisano ya mafapha a mmuso
Tataiso tsa ho qaqolohanngwa ha mesebetsi le boikarabelo
Tataiso ya kgokahanyo dipakeng tsa mafapha a mmuso le pakeng tsa masepala le Moralo wa karolo
METHEO YA MORALO WA MORALO WA TSHEBEDISANO HARA
MAFAPHA A MMUSO
Tatataiso tsa ntshetsopele ya Naha le metheo di lokela ho tshehetsa ka tsebo e hlokehang meralo ya ntshetsopele makaleng kaofela.
Lekala ka leng le na le mesebetsi ya lona ya ntshetsopele e ikgethang le mesebetsi ya meralo e amehang e tsamaelanang le sekala sa mesebetsi le sebaka sa taolo.
Ditlhoko, ditshebeletso tse lokelang ho tliswa pele ho latela bohlokwa ba tsona le mehlodi ya baahi ba masepala ekasitana le maemo a selehae ke dintho tse lokelang ho tshehetsa ka tsebo mesebetsi ya ntshetsopele boemong ba selehae.
Qetellong, di tla lokela hore di fetohe motheo wa mesebetsi ya ho rala ya mahlakore a mmuso le mekgatlo kaofela mabapi le ka moo bana bohle ba ikarabellang kat eng phethahatsong kapa mererong ya diprojeke tsa ditjhelete boemong ba selehae.
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa sa ho kopanya le ho hokela phethahatso ho latela sebaka sa jeokrafi le nako o lokela ho fana ka tsebo,.le o fumana tsebo, bakeng sa moralo wa mahlakore a mang a mmuso, ho kenyeleditswe moralo wa mekgatlo e itseng kapa mafapha a boemedi.
Nyalanyo e hlokehang e hlahang ka mahlakoreng ohle dipakeng tsa tataiso kapa metheo ya naha, ditlhoko tsa moralo wa karolo (maemo, mawa a provense) le ditlhoko tsa selehae, maemo le mehlodi, e lokela ho fihlelwa ka ?motheo wa ketsetsano?. Ho latela motheo ona, diqeto maemong a fapaneng kapa mahlakoreng a fapaneng a mmuso di lokela ho sebedisana ka mahlakore a mabedi, mme di tlame mahlakore ka ho tshwana. Mohlala, mmuso wa selehae o lokela ho kenya letsoho mesebetsing ya moo ho nkuwang qeto ya mahlakore a naha kapa a provense ha feela diqeto tsa bona di na le monyetla wa ho ba le kamano le lehlakore la mmuso wa selehae. Diqeto di tlama boemong ba selehae le boemong ba naha kapa ba provense mme di lokela ho fana ka keletso lehlakoreng la selehae ya ka moo diqeto di lokelang ho kenyeletswa ka teng diqetong tsa selehae. Diqeto tse jwalo tsa selehae di tla lekolwa le ho di hlahloba hore di nyalana le diqeto tsa naha kapa tsa provense mme sena se tla etswa ke makala a lehlakore la provense kapa la naha leo lehlakore la selehae le leng ho lona.
Metheo ena e bontsha motswako dipakeng tsa filosofi ya moralo o tlohang hodimo o leba tlase le ya ho tloha tlase ho leba hodimo.
TATAISO TSA KABO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO
Lehlakore la naha le lokela ho etsa monyetla wa:
Mokgwa wa tshebetso wa moralo wa karolo, provense le masepala ho etsa bonnete ba tshekamelo e tobileng:
Moralo wa ditabatabelo o bopilweng ka tataiso ya leano le metheo ya bohle tataiso tse akaretsang tsa lewa tse mabapi le mawa a karolo (karolo tseo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona);
mawa a batsi a sebaka (dibaka seo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona).
Ho hokelwa le ho lokidisa mananeo ho latela bohlokwa ba ona le ditekanyetso dipaneng tsa dikarolo le mahlakore a tsamaelanang le mokgwa wa tshebetso
Ho latela lehlakore la Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa masepala, ha ho hlokehe moralo o akaretsang wa naha wa ntshetsopele ya dikarolo tse ngata. Empa ho ka nna ha ba le mawa a naha a karolo a boipolokelo, ka boikemisetso le sepheo sa hore ho fihlellwe boipolokelo ba setjhaba le ditshebeletso tsa mafapha a naha le a provense.
Lehlakore la provense le lokela ho fana ka monyetla wa:
lewa la ntshetsopele la provense le boikemisetso ba nako e bohareng le sepheo sa boipolokelo ba setjhaba le ditshebeletso kahare ho provense (ho kenyeleditswe mokgwa wa tshebetso wa ditjhelete wa nako e bohareng bakeng sa boipolokelo le maemo le ditabatabelo tseo bonyane di laolwang lebatoweng) le merero ya diprojeke le mananeo a boemong ba diprovense; le
MORALO WA MORALO WA TSHEBEDISANO YA MMUSO
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya moralo wa mokgwa wa tshebedisano ya mmuso
Tataiso tsa ho qaqolohanngwa ha mesebetsi le boikarabelo
Tataiso tsa kgokelo dipakeng tsa mahlakore a mmuso le dipakeng tsa Moralo wa masepala le karolo
Mokgwa wa tshebetso wa provense o ka kenyeletsa qaqiso tsa mokgwa wa tshebetso wa molao wa naha o amanang le ditlhoko tse itseng tse hlalositsweng hantle bonyane tse bontshang maemo a lebatowa.
Ho hokanngwa ha mananeo a karolo le mananeo a setereke ha mmoho le nyalano dipakeng tsa moralo wa masepala le moralo wa karolo.
Lehlakore la mmuso wa selehae le lokela ho hlalosa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng wa dilemo tse 5 jwalo ka karolo ya moralo o kopantsweng wa moralo le phinyeletso ya ditshebeletso bathong, e le ntho e sebetsang jwalo ka moralo wa mesebetsi yohle ya ntshetsopele ya kahare ho sebaka sa masepala oo le ona o fanang ka tsebo ho latela:
ditekanyetso tsa selemo le selemotsa masepala;
ditekanyetso le mananeo a matsete a dikarolo tsohle tsa mafapha (a naha le a provense) a phethahatsang merero ya diprojeke kapa a fanang ka ditshebeletso kahare ho bomasepala;
meralo ya kgwebo ya bomasepala;
mehato ya ntshetsopele ya moruo;
Mokgwa wa ditlhophiso tsa balaodi ba selehae le mekgwa ya tsamaiso;
le tlhokomelo ha mmoho le mokgwa wa tsamaiso wa tshebetso.
Qetellong, lehlakore la mmuso wa selehae ke lebala le leholo la moralo wa ntshetsopele. Lebaleng la selehae ditlhoko tsa batho le dintho tsa bohlokwa ha mmoho le maemo a selehae ke ntho tse lokelang ho hokanngwa le tataiso ya naha le tekolo tsa karolo, ho tsamaelana le merero e ikgethang le mananeo.
TATAISO YA KGOKELO DIPAKENG TSA MAHLAKORE A MMUSO LE
DIPAKENG TSA MORALO WA MASEPALA LE WA KAROLO
Kgokelo e lokela ho latela motheo wa lesedi le tsamayang le tswa ka mahlakoreng kaofela ha mmoho le metheo ya ho hlahloba le ho lekanya dintho hantle (motheo wa ketsetsano) dipakeng tsa mahlakore, ho e na le tsela ya hore lesedi le hlahe ka motjha o le mong feela. moralo ona wa kgokelo o lokela ho botjwa ka dikarolo tsena tse latelang:
Meralo ya tshebetso ya naha le ya provense (karolo) ka ho fana ka sebaka ho baemedi ba tswang mahlakoreng a mang a mabedi a mmuso. Meralo ena ya tshebetso (ho kenyeleditswe ditlhoko tsa moralo wa molao tsa dikarolo tse fapaneng) ke ena e fanang ka tsebo moralong wa masepala.
Ditsebi tse ikgethang tsa tsebo e tshwanetseng tse tswang mafapheng a karolo (a provense le a naha) di lokela ho fana ka tataiso ya thekniki le ho etsa dipatlisiso tse tshwanetseng tsa mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Kgokelo e hlokehang ya ditherisano pakeng tsa bomasepala ba selehae le baemedi ba tswang diprovenseng le boemong ba naha di tla hlophiswa boemong ba setereke kapa ba lebatowa.
MORALO WA MORALO WA MAFAPHA A MMUSO
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
2 Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya mekgwa ya moralo wa mafapha a mmuso
Tataiso tsa kabo ya mesebetsi le boikarabelo
Tataiso ya dikgokahanyo dipakeng tsa mahlakore a mmuso le dipakeng tsa Moralo wa masepala le wa karolo
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele (ka meralo e qaqileng ya dikarolo ho latela ditlhoko) e tla nehelwa Molekgotla wa provense bakeng sa mmuso wa selehae bakeng sa tlhahlobo. Mosebetsi wa tlhahlobo o etsetswa ho phethahatsa mesebetsi e meraro:
ho hlahloba nyalano le ditlhoko tsa molao le tataiswa tsa bohlokwa tsa leano;
ho fana ka tlaleho ya profeshenale e amanang le maemo a mekgwa ya boleng ya tshebetso ya ho rala le tokomane ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng (jwalo ka karolo ya mosebetsi wa boithuto);
le hore komiti ya nyalanyo e bopilweng ka baemedi ba mafapha ba tswang diprovenseng le mmusong wa naha e hlahlobe monyetla wa phethalo le kgonahalo ya merero ya diprojeke tse hlahisitsweng (ho latela maikutlo a ngotsweng).
Molekgotla wa mmuso wa provense a ka nna a fetisetsa mosebetsi ona wa tlhahlobo le nyalanyo ya dikomiti tse nyenyane boemong ba setereke kapa ba lebatowa.
iv. Molekgotla wa mmuso wa provense wa Mmuso wa Selehae o lokela ho fana ka tlaleho ho masepala ka Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele mabapi le:
nyalano le ditlhoko tsa molao le tsa leano;
dikarolo tsa moralo o latetsweng tsa tokomane ya moralo;
phethahalo le kgoneho ya merero ya diprojeke le mananeo; le diqeto tse entsweng mabapi le ho kenyeletswa ha ditlhahiso ditekanyetsong tsa provense kapa tsa karolo ya naha.
Sephetho sa mosebetsi ona wa nyalano se lokela ho fana ka tsebo meralong le ditekanyetsong tsa provense le tsa mafapha a naha a amehang.
v. Mafapha a karolo (a provense le a naha) a tla tshehetsa ka ditjhelete le ho phethahatsa merero ya diprojeke kapa mananeo kahare ho bomasepala kapa mmoho le bona, ho latela boitlamo ba bona le ho latela kabo eo ho dumellanweng ka yona ya mesebetsi le boikarabelo.
Ke melawana ya provense e tla tsepamisa hore ke tshebedisano efe ho tsena e tla phethahatswa ka dikgokahano tsa puisano e ngotsweng fatshe le hore ke dife tse hlokang dikopano tse kopantsweng. Sena se etswa ho latela moya wa mekutu ya kgokahanyo boemong bo kgonang ho tsamaiswa.
Mokgwa ona wa moralo o tla etsa bonnete ba hore moralo wa bomasepala le moralo wa karolo bobedi e:
fumana tsebo meralong ya tshebetso ya molao le ya leano ha mmoho le ho mawa a batsi;
e thusana ka tsebo e tswang mahlakoreng ka bobedi;
le ho fana ka tsebo bakeng sa ditekanyetso le meralo ya kgwebo ya bomasepala le ya mafapha a provense le a naha.
HO NYALANYA MORALO WA KAROLO YA MASEPALA LE MORALO
O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
MORALO WA MOLAO O TENG HONA JWALE LE WA LEANO
Molao wa Moralo wa Bomasepala o hlalosa hore mawa a ntshetsopele a lokela hore a nyalane le meralo ya naha le ya diprovense ha mmoho le ditlhoko tsa moralo. o boetse o fumana hore moralo o le mong, o kenyeletsang le wa lewa o lokela hore o amohelwe o tlisang mmoho, o kopanyang le o hokelang meralo.
Molao wa karolo ya naha o fupere mefuta e fapafapaneng ya ditlhoko bakeng sa bomasepala ho etsa Moralo. Ditlhoko tsa karolo di fapana ka sebopeho ka tsela e latelang:
a Ditlhoko tsa Molao tsa popo ya moralo wa ditshebeletso tse ikgethang tse tshwanang le moralo wa ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi b Ditlhoko tsa molao wa nyalano jwalo ka metheo ya NEMA LE MNT.
c Tlhoko ya hore moralo o etswe e le karolo ya Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka mawa a etsetswang matlo le palo e lokelang ho fihlelwa.
d Ya dikgothaletso tse ngata, ho feta tlhokeho, eleng ntho e eketsang boleng mosebetsing wa moralo wa masepala le dihlahiswa tse kang Lenanetsamaisola 21 la Selehae.
Lenaneo le latelang le akaretsa ditlhoko ka ho sebedisa karohanyo ena:
Mokgahlelo wa ditlhoko
Ditlhoko tsa karolo
Tlhoko ya moralo o ikgethileng
Moralo wa ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi, moralo o kopantsweng wa dipalangwang, moralo o kopantsweng wa taolo ya matlakala, Boikemisetso ba Ntshetsopele ya Naha ? sena se tla nkelwa sebaka ke ditlhoko tsa moralo wa sebaka jwalo ka karolo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng .
Ditlhoko tsa Moralo wa karolo di
Kopanyeletswe ho Moralo o
Kopantsweng wa Ntshetsopele
Mawa a matlo le palo e lokelang ho fihlelwa, ditaba tsa taolo, mawa a LED, moralo o kopantsweng wa tlhekelo ya mesebetsi, moralo wa sebaka, moralo o kopantsweng wa matla.
Tlhoko eo Moralo o Kopantsweng wa
Ntshetsopele e ikamanyang le yona
Nyehelo e eketsang boleng
Lenanetsamaiso la 21 la Selehae
BOIPHIHLELO HO FIHLELA MONA
Bomasepala ba ne ba ferekane hore naa ba lokela ho etsa monyetla jwang wa ditlhoko tse ngata tsa molao ho latela mehato le mooko wa ditaba. Ke bamasepala ba seng bakaenyana feela ba ileng ba leka ho tlisa nyalano dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele wa ditshebeletso tsa metsi le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ha ho tehuwa mohlala. Ba ileng ba etsa, ba fumane e le ntho e boima haholo. Ntlheng ya bobedi le ka kakaretso ho feta, ho eketsa hodima mathata a hlahang ditlhokong tsa molao bakeng sa moralo wa karolo, mme ho kopanngwa ha karolo ha ho a finyellwa. Dibakeng tse ding ho ile ha ba le teko empa tlwaelo ya kgale le kgaello ya mehato e loketseng bakeng sa tshebedisano ya dikarolo tse fapaneng e ile ya thatafatsa mosebetsi ho feta. Ho feta mona, tlhaloso ya morero wa projekte e sa lekanang pele ho qetwa ka Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e ne e bolela hore bomasepala ba bangata ha ba ka ba fihlela ntlheng ya ho sebetsana le merero ya diprojeke ka tsela ya dikarolo tse ngata.
MOKGWATSHEBETSO WA HO BOPA TATAISO TSE TLISANG NYALANO
Sepheo ka nyalano ya karolo
Mokgwatshebetso wa nyalanyo ya karolo e hopoletswe hore e be tataiso e sebetsang ya bomasepala ho phetha lethathama la ditlhoko tsa moralo tse behilweng ke karolo ya mafapha a mmuso wa naha. Tshebetso ena ha e rarolle qaka ya ditlhoko tse ngata tsa molao ka botsona ? jwalo ka ha e le tataiso e nang le mekgwa e ka latelwang, ho fapana le dikgothaletso tsa kutlwisiso ya molao, e keke ya kgona. E sebetsa kahare ho meedi e teng ya molao mme e hlahisa ditsela le mekgwa ya hore bomasepala ba ka bebofatsa tshebetso tsa bona tsa ho rala, empa ba ntse ba tsamaelana le ditlhoko tsa malao. Mokgwatshebetso wa nyalano e hopoletswe ho tlisa kgokahano le ditherisano dipakeng tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le tshebetso tsa moralo wa karolo.
Ho arabela boemo bo fapaneng ba ditlhoko
Ditlhoko tsa karolo molaong wa naha di fapana ka boemo. Mohlala nakong eo ho neng ho ngolwa ka yona:
Lefapha la Ditaba tsa Naha le ne le eso qetelle Tokomane e Tshweu e mabapi le Ntshetsopele le moralo kapa molao wa moralo wa naha wa sebaka. Mohlala o mong ke hore ha e le mona Lefapha le hlakile tabeng ya hore moralo wa ditlhoko tsa ho tlisa diphetoho tsa naha o hloka ho kenyeletswa mosebetsing wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ho ne ho eso ka ho ba le tlhakiso ya leano moralong wa ho tlisa dipheto tsa naha.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le na le molao o seng o phethetswe, tataiso tsa leano, disebediswa tsa tshehetso tsa mmuso wa selehae tse jwalo ka dibukana tse ka sebediswang le boiphihlelo ba phethahatso. Mokgwatshebetso wa ho nyalanya meralo ya ntshetsopele ya ditshebeletso tsa metsi le Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e batla e ntsheditswe pele hantle ka moo ho loketseng ka teng.
Ditlhoko tsa Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi bakeng sa ho tsamaelana le EIPs le EMPs le ne le eso ka le ba le boiphihlelo ba phethahatso. Tshusumetso ya mmuso wa selehae e ne e sa hlaka ka lebaka leo. Mohlala o mong ke hore tse ding tsa ditlhoko tsa moralo wa korolwana e ntse e le taba ya tshebetso ya molao o phuthulohang, jwalo ka moralo o etseditsweng ho qhaleha ha oli.
NYALANO YA KAROLO
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Mokgwatshebetso wa popo ya tataiso tsa nyalanyo
Tataiso ya ho nyalanya moralo wa karolo wa masepala le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Bonamo le phethahatso ya ditlhoko
Ditlhoko tsa karolo tse kenyeleditsweng kahare ho tshebetso ke tsa bonamo ba naha. Maikutlo ha a tsepamiswa hodima ditlhoko tsa provense. Ditlhoko tsa mafapha a tsheletseng a naha di ile tsa hlahlojwa bakeng sa nyalanyo mme ka ho qoholleha ke:
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi.
Lefapha la Matlo.
Lefapha la Ditaba tsa Naha.
Lefapha la Mmuso wa Provense le wa Selehae.
Le ha ho le jwalo, ditataiso di batsi ho lekaneng ebile di akaretsa mafapha ka ditlhoko tse bonahalang hore di phethahale. Bomasepala ba ka nna ba sebedisa tshebetso e hlahisitsweng karolong dife kapa dife tse hlahellang e le tsa bohlokwa ditshebeletsong tsa bohlokwa tsa selehae, ha mmoho le bakeng sa dikarolo tse nang le ditlhoko tsa tlhahiso ya moralo. Ho thusa phethahatso ena, bomasepala ba ka nna ba batla ho lekola dikarolo tse batsi, tse arotsweng mekga e mmedi:
a Ntlheng ya pele dikarolo tseo eleng dintlha tsa phinyeletso ya ditshebeletso kapa tse tobileng maikemisetso jwalo ka metsi, matlo le tlhekeloya mesebetsi.
b Ntlheng ya bobedi, tse nang le mosebetsi ho feta le tse sekametseng motheon ho feta jwalo ka moralo wa tikoloho le wa sebaka.
iv. Ntlha eo maikutlo a lokelang ho tsepamiswa ho yona nyalanyong
Tataiso tsa ho nyalanya di tsepamisitse maikutlo ho taba ya ho nyalanya mesebetsi ya moralo kahare ho lehlakore la mmuso la masepala eleng nyalanyo dipakeng tsa dikarolo boemong ba mmuso wa selehae (le ha ditlhoko ka botsona di ile tsa hlaha leanong la naha le molawaneng). Hona ho bolela hore tshebetso ena ha e rarolle taba ya nyalanyo ka ho otloloha kahare ho dikarolo dipakeng tsa mahlakore a mmuso, le ha ho buuwa ka yona ha ho hlokeha kgokahanyo e jwalo bakeng sa ho nyalanya tshebetso tsa moralo wa karolo le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ka mantswe a mang, ho nyalanya moralo wa metsi, wa dipalangwang kapa wa matlo le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o wela motjheng, ha ho nyalanya karolo ya matlo dipakeng tsa mmuso wa provense le wa selehae yona e sa wele motjheng. Le ha ho hlokeha hore ho fanwe ka lesedi mabapi le phumaneho ya dithuso tsa matlo tshebetsong ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Dipuisano tse dipakeng tsa dikarolo di nkuwa e le boikarabelo ba dikarolo ka botsona, ho feta hore e be boikarabelo ba tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, le hoja mosebetsi wa nyalanyo ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e ne e tla thusa haholo tabeng ena.
v. Tlhokeho ya lewa le Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e kgonang ho sebetswa
NYALANYO YA KAROLO
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela hona jwale
Tshebetso popong ya tataiso y nyalanyo
Tataiso tsa ho nyalanya moralo wa karolo ya masepala le moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho kenyeletsa le dintlha tse itseng tsa thekniki le tsa tlhophiso e le ho tiisa hore:
ho na le tshebetso e fang batho monyetla eleng ho bolelang hore e kenyeletsa baahi kapa batho ba nang le monyetla wa ho ka fetoha basebedisa diqetong tsa sebaka, maemo, boikarabelo le ditshenyehelo, ho feta taba ya ho siya diqeto tse jwalo tsa bohlokwa ho basebetsi ba thekniki ba motjha wa boemedi.
ho na le moralo wa lewa, oo karolo ya ona e etsang dikgetho tsa thekniki le tsa mokgatlo tse amanang le dikarolo tse kang ditefello tsa tshebediso e sebetsang hantle, ho kgotsofatsa ditlhoko, ho fedisa bofutsana, ho ba le tshusumetso ho bong, tshusumetso tikolohong le metheong e meng ya ntshetsopele;
hantlentle moralo o ka fana ka tsebo ditekanyetsong le ho thusa ho potlakisa le ho ntlafatsa phethahatso, eleng ntho e bolelang hore ho qaqiswa bongata, boleng, nako e loketseng, ditefello le boikarabelo;
kopanngo ya dikarolo tse ngata le kgokahanyo tse hlokang hore merero ya diprojeke tse sisintsweng ke meifo ya thekniki ha mmoho le mananeo di lokela ho hlakiswa ho feta le ho tekelwa komiti ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng hore e tshohlwe le ho fetolwa ho etsa bonnete ba hore ho na le kgokahano ekasitana le nyalanyo le boikemisetso bo phethahetseng ha mmoho le mawa;
Moralo o ka bopa motheo o tshwanelehileng wa tshebetso ya tsamaiso mme moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hore o be batsi ho feta moralo wa tshebetso wa lewa le akaretsang baekgn sa meralo ya karolo le ya thekniki.
Ka lehlakoreng le leng, ho na le ditekolo tse sebetsang tse lokelang hore di nkelwe hloohong:
Dinako tse behilweng
Ha ho morero wa projekte e le nngwe o ka ralwang ka tsela ya dintlha tse tshwanang tsa nako eo ho fanweng ka yona.
Mothamo wa ditokomane tsa moralo
Ditokomane tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ha di a lokela ho ba telele haholo. Meralo e lokela hore e kgone ho sebediseha habonolo bakeng sa tsamaiso ya dikarolo tse ngata le tlhokomelo. Di lokela hore di sebetse jwalo ka mohlodi wa ditokomane tsa dipolotiki tse lokelang ho sebediswa ke batsamaisi ba masepala, ditho tsa lekgotla le setjhaba se nang le tsebo le thahasello, ho feta ho sebedisa ditsebi tsa karolo.
Ka hoo moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho kenyeletsa kakaretso e kgutshwanyane ya merero ya diprojeke kaofela le mananeo tse nang le:
dikala tse behilweng le matshwao ;
mesebetsi e meholo;
nako;
le ditefello ha mmoho le ditekanyetso.
TATAISO YA HO NYALANYA MORALO WA KAROLO YA
MASEPALA LE MORALO O KOPANTSWENG WA
NTSHETSOPELE
Tshwaneleho le tokodiso ya bohlokwa ba mesebetsi ya masepala
Diteko tsa ho nyalanya ditlhoko le tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di tlamehile hore di thulane le tsitsipano dipakeng tsa ho kgotsofatso ya ditlhoko tsa molao le ho kgothaletsa tokodiso ya bohlokwa ba mesebetsi ya mmuso wa selehae. Le ha ho le jwalo, tsitsipano ena e ka hlolwa mme ha fihlelwa kutlwano e fihlelwang ka ho sebedisa kgopolo tsa ?tshwaneleho?, ?nyalalo le ho kopanngwa? le ?nyalano le ho bapa?.
Tsela eo nyalano e rarollwang ka teng kahare ho masepala e itshetlehile tshwanelehong ya karolo eo ho latela moelelo wa masepala. Tshwaneleho e sebetsa ho latela ka moo karolo e itseng e hlahellang ka teng jwalo ka karolo kapa jwalo ka dikarolo tsa tokodiso ya bohlokwa ba mesebetsi ya dikarolo tse ngata tsa karolo le merero ya diprojeke tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Ha karolo kapa dikarolo tsa karolo di amana le mesebetsi ya bohlokwa kapa merero ya diprojeke, ke moo karolo e tla kenngwa tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Tlasa maemo a tjena, ha ho na le ditlhoko tsa molao bakeng sa Moralo wa masepala mabapi le kamano ya karolo, ditlhoko tsena di ka etswa jwalo ka karolo ya mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Le ha ho le jwalo, ha ho na le karolo kapa karolo ya karolo eo ho yona ho nang le ditlhoko tsa moralo wa masepala tse sa hlaheleng di amana le mesebetsi ya bohlokwa le merero ya diprojeke, ke moo mosebetsi wa moralo wa karolo o tsamayang o bapile o tla hlokeha hore o hlophiswe le ho tsamaiswa bakeng sa dikarolo tseo tsa karolo tse welang kantle ho mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng. Maemo ana ditaba a kgutsufaditswe setshwantshong sena.
KHEISI YA A
Tshebetso ya MNK Moralo wa Karolo
Moralo o Kenyeleditsweng
Wa Moralo wa Karolo
KHEISI YA B
Tshebetso ya MNK????????????Moralo wa Karolo o Bapileng
Moralo o Kenyeleditsweng
Wa Moralo wa Karolo
Nyalanyo mohatong o mong le o mong
Lenaneo lena le latelang le fana ka sesupo sa ka moo nyalanyo ya karolo e ka etsahalang ka teng mohatong o mong le o mong wa tshebetso ya IDP.
Sena se qhaqhollwa ho feta Tataisong ya 3.
Metsi, dipalangwang le taolo ya
Mohato wa I:
Tlhophollo
Tlhophollo e tebileng ya ditaba tsa bohlokwa ?
tlhophollo ya karolo e tsamaelanang le dintlha tsa bohlokwa tsa MNK
Tlhophollo e tebileng ya ditaba tsa bohlokwa ?
Ho kenyeletswa ha dikarolo karolong ya lesedi le tlhophollo ya ditlhoko moo ho tshwanelehileng mesebetsing ya bohlokwa ya MNK;
tumellano ka tshebetso e bapileng moo ditlhoko kaofela di sa nyalaneng le tlhophollo ya dintho tsa bohlokwa tsa MNK
Diprojeke
Ho kenyeletswa ha karolo e tshwanelehileng ya ditsebi moralong wa ditshitshinyo tsa merero ya diprojeke
Ho ralwa ha WSDP, ITP le
Merero ya diprojeke tsa MNK,
Tshebetsong e bapileng ya
Ditlhoko tse ding tsa moralo tse
Sa akaretswang ke dintlha tsa
Bohlokwa le merero ya MNK
Mohato wa I
Mananeo a kopantsweng a
Karolo
Mananeo a kopantsweng
A karolo
Ho dula o kgema le diphetoho
Bomasepala ba lokela hore ba dule ba hlokometse maemo a fapaneng a ditlhoko, ba ipapise le tsa qetelo mme ba kenyeletse tse hlahelang e le tsa bohlokwa tshebetsong ya moralo wa selehae. E tla ba ntho ya bohlokwa ho kgema le mesebetsi ya leano le ya molao e hlahelange phethelang ditlhoko tse itseng tse neng di ntshetswa pele nakong ya ha ho ralwa sephuthelwana sena sa tataiso.
MESEBETSI LE BOIKARABELO BA BOMASEPALA BA SETEREKE LE
BA SELEHAE
MORALO WA TSHEBETSO O TENG WA MOLAO LE WA LEANO
Molao o teng hona jwale o hloka Makgotla a Setereke le Makgotla a Masepala wa Selehae hore a etse moalo o kopantsweng wa ntshetsopele. Ho latela Molao o Fetolang Molao wa Tlhophiso ya Masepala, masepala wa setereke o ikarabella moralong o kopantsweng wa ntshetsopele wa setereke sa masepala ka hho phethahala, ho kenhyeleditswe le moralo wa tshebetso bakeng sa meralo e kopantsweng ya bomasepala kaofela sebakeng sa masepala wa setereke. Molao wa Tlhophiso ya Masepala o tswela pele ho bolela hore moralo ona wa tshebetso o tlama masepala wa setereke le masepala wa selehae seterekeng sa masepala.
Moralo ona wa tshebetso wa MNK wa setereke o lokela hore bonyane:
o bontshe meralo le ditlhoko tsa moralo tse tlamang ho latela molao wa naha le wa provense boemong wa masepala wa setereke le masepala wa selehae;
o qaqise metheo e lokelang ho sebediswa le tshebetso e lokelang ho sebediswa mabapi le dintlha tseo;
tsepamise mehato ya ditherisano dipakeng tsa masepala wa setereke le wa selehae mosebetsing wa ho rala MNK ya bona ha mmoho le mehato ho tlisa diphetoho moralong wa tshebetso.
Ditlhoko tsena tsa mmuso di lokela hore di bonwe ho latela moelelo wa sephetho sa ho kgaohanyo ya dibaka se bolelang phetoho ya mantlha kamanong e teng dipakeng tsa makgotla a setereke le makgotla a selehae. Le ha nakong e fetileng lekgotla ka leng le ne le ikarabella haholo dibakeng tse fapaneng tsa jeokrafi (bomasepala ba selehae ba ne ba ikarabella diteropong, makgotla a setereke a ne a ikarabella dibakeng tsa metse eo eseng ya diteropo), mme nakong e tlang ba tla arolelana boikarabelo ba dibaka tsona tseo, ka lebaka la ho thehwa ha bomasepala ba mathula hohle tshebetsong ya bona. moralo wa selehae le moralo wa setereke e tla fapana ka sekala sa jeokrafi ho feta sa sebaka. Ka leba leo, dikamano dipakeng tsa Makgotla a Setereke le Makgotla a Mmuso wa Selehae a tla lokela hore a fetohe ka ho phethahala. Kamano ya tshebedisano e tla lokela hore e matlafale.
Mesebetsi le boikarabelo
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo so ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo ho latela mehato ya ho rala
BOIPHIHLELO HO TLA FIHLA JWALE
Le ha ho hlakile hore moralo wa setereke le moralo wa bomasepala ba selehae e lokela hore e fane ka tsebo, molao ha o a hlaka ho hang hore naa meralo ena e lokela ho nyalana ha mmoho. Qetellong, ho na le tlhokeho ya tlhakiso haeba pherekano e lokela hore e qojwe nakong eo makgotla a matjha a kgethwang hore a kene moralong o kopantsweng wa ntshetsopele.
Jwalo ka ha kamano dipakeng tsa bokgoni ba bomasepala ba selehae le bomasepala ba setereke e fapana haholo ho ya ka dibaka ho fapana, tataiso di lokela hore di batle di kgona ho tenyetseha, empa nakong yona eo bamasepala bana ba lokela ho tiisa hore kamano ya mofuta o motjha dipakeng tsa makgotla a setereke le makgotla a selehae e ba teng e tsamaelanang le kabo e ntjha ya mesebetsi ka morao ho kgaohanngwa.
METHEO YA KABO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO
Ho na le ditsela tsa bohlokwa tse nne tse lokelang ho nkellwa hloohong bakeng sa kabo e loketseng ya mesebetsi dipakeng tsa maemo a mabedi a mmuso wa selehae. Tsitsipano dipakeng tsa ho rala ho latela sekepele se haufi haholo le batho le ho fihlella tshebediso e hodimo ya bokgoni le mehlodi tikolohong e nang le bokgoni bo haellang haholo le mehlodi e kgutsufaditswe ditseleng tsena tse nne tse lokodisitsweng mona:
Bohaufi le batho le dibaka
Tshwaneleho ya moralo e lokela ho nkella hloohong dinnete le ditlhoko tsa batho le maemo dibakeng tse fapaneng. Sekala seo ka sona moralo wa boemo ba setereke ho la Afrika Borwa se tla lokela ho etsahala ka sona dibaka tse nang le batho ba ka bang milione le ho feta moo bonamong ba diskwemithareng tse 10 000 se seholo haholo bakeng sa mofuta wa moralo wa boemo ba selehae.
Bokgoni le ditshenyehelo
Bomasepala ba bangata ba selehae ba na le kgaello e matla ya bokgoni. Ka hoo e ka nna ba ntlha ya bohlokwa hore mesebetsi e itseng e phephetsang ho feta, e hlokang mehlodi e hlokehang e abelwe boemo bo hodimonyana ho e na le ho leka ho fana ka mehlodi eo e haellang le e bitsang haholo sebakeng se seng le se seng se senyenyane.
Lehokela taolong ya ho finyeletsa ditshebeletso le ho fetolwa ha motheo
Qeto tsa ho rala di lokela hore di fetolwe hore e be ditekanyetso le meralo ya kgwebo ke ba fuweng boikarabelo ba phethahatso. Mosebetsi wa ho rala o boetse o hopoletswe ho ba le tshusumetso taolong ya phethahatso. Hobane lehokela lena kela bohlokwa bakeng sa ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka moralo o ntlafetseng, bomasepala ba selehae ba lokela ho ba le seabo moralong wa merero ya diprojeke tsa bona ha mmoho le mananeo.
Boemo ba setereke e tla ba foramo kapa lepatlelo leo ho lona kgokahanyo ya puso ya selehae le kgokahanyo dipakeng tsa bomasepala ba selehae le mafapha a karolo a provense kapa a naha e tla etsahala teng.
MESEBETSI LE BOIKARABELO
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo ya mesebetsi le boikarabelo ho latela mehato ya Moralo
TATAISO TSA KABO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO HO LATELA MEHATO YA HO RALA
Tlhophiso e ntle ya mesebetsi ya ho rala dipakeng tsa bomasepala ba setereke le bomasepala ba selehae ke ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore mebetsi ya moralo e a etsahala le hore sephetho se teng se fumaneha bonyane nakong e le nngwe e le hore boikarabelo bo kopantsweng kapa ba tlatsetso ba bomasepala bo ka etsetswa bohle le ke bohle ba nang le boikaraaaabelo, nakong e le nngwe. Tshebetso ena e tla etsa hore ho qojwe phetakaka mesebetsi e hlokehang e lokelang ho etswa ka kopanelo mme le ho sebedisa hantle bokgoni ba mehlodi e haellang ya batho. E tla etsa le bonnete ba hore ho na le ditherisano dipakeng tsa bomasepala ba selehae le ba setereke le tabeng ya ho etsa qeto e amang le e tlamang mahlakore ana ka bobedi.
Kabo ya mesebetsi e meholo le boikarabelo ba setereke ha mmoho le bomasepala ba selehae mehatong ya moralo e lokodisitswe lenaneng lena le latelang ka tlase.
Mohato wa Moralo
Boemong ba Selehae
Boemong ba Setereke
Tlhophollo
Ho:
Tsepamisa ditaba tsa selehae, mathata, bokgoni le tsa bohlokwa
Ho:
Tsepamisa sekala sa ditaba tsa setereke, mathata bokgoni le tsa bohlokwa.
Sephetho sa tlhophollo se tlatseditsweng sa masepala wa setereke le wa selehae le ho hlalosa ditaba tsa bohlokwa.
Mawa
Ho:
Selehae le boikemisetso.
Kenela diwekshopo tsa lewa boemong ba setereke tsepamisa mawa a selehae ho latela bohlokwa ditaba ka motheo wa boemo ba tlhophollo ya setereke
Ho:
Le boikemisetso.
Fana ka ketsahalo ya
Wekshopo ya Lewa le
Kopantsweng le
Bomasepala ba selehae le ba provense ha mmoho le ba nang le seabo ba tswang mmusong wa naha mme ka tsela e jwalo ho fanwa ka tlhophiso ya moralo wa tshebetso wa nyalanyo ya mawa.
Tsepamisa mawa a tshelang meedi le a setereke ho latela ditaba tsa bohlokwa.
Diprojeke
Ho:
rala merero ya diprojeke ho latela lewa la lekgotla la selehae ka nngwe
Ho:
Ho rala merere ya siprojekte tsa lekgotla la setereke ho latela lewa ka leng.
Ho:
Ho:
bokella mananeo a kopantsweng a setereke bakeng sa ho laola le ho phethahatsa.
Tjhelete e Tsetetsweng le
Mananeo a phethahatso a bomasepala ba selehae le ba setereke.
Kananelo
Ho:
netefatsa hore MNK e amohelwa ke Lekgotla la selehae.
Ho:
netefatsa hore MNK e amohelwa ke Lekgotla la setereke.
nyalanya MNK ya bomasepala sebakeng sa lekgotla la setereke le mahlakore a mang a mmuso
Kabo ya mesebetsi le boikarabelo dipakeng tsa masepala wa selehae le wa masepala wa setereke.
TLHOPHISO YA TLHOPHISELETSO TSA MORALO O
KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
MORALO WA TSHEBETSO O TENG WA MOLAO LE WA LEANO
Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae e toboketsa tlhokeho ya ho tlisa phethoho mokgweng wa masepala wa tsamaiso ntle le ho etsa tlhahiso ya tlhophiso efe kapa efe ya ditlhophiseletso. Ho ntse ho nkeletswe hloohong maemo a fapaneng, ke boikarabelo ba bomasepala ho ntshetsapele moralo wa sebopeho o hlahisang ditlhophiseletso tse tshwanetseng. Tokomane e Tshweu mabapi le Puso ya Selehae ka ho qaqa mabapi le ntshetsopele ya MNK, e toboketsa hore mosebetsi ona ?ha o a lokela ho lahlelwa? ho dikhonsaltente, empa o lokela ho ?tsamaiswa kahare ho bomasepala ho fana ka tsela ya ho matlafatsa bokgoni ba moralo wa lewa tsamaisong, ho bopa dilekane tsa tlhophiso dipakeng tsa tsamaiso le basebetsi, le ho matlafatsa tshebedisano dipakeng tsa mesebetsi ya tsamaiso? (WPLG, p.28).
Le ha Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae e hloka hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o tsamaiswe ke kahare ho masepala ntle le hore e bolele hore moo o lokela ho etswa ke mang, Molao wa Moralo wa Bomasepala o batla o qaqisa ho feta. O hlalosa hore Komiti ya Phethahatso ya lekgotla la masepala (kapa Majoro wa Phethahatso, kapa ha tsena di le siyo bobedi ? komiti e kgethilweng kapa ditho tsa lekgotla) e lokela ho tsamaisa mosebetsi ona wa moralo wa MNK le ho abela boikarabelo bona motsamaisi wa masepala.
Moya wa dipolotiki le mokgwa wa tshebetso wa molao o hlakile: MNK e lokela hore e fetohe karolo e matla ya tsamaiso ya masepala le moralo o kopantsweng wa moralo le ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Boikarabelo bo phethahetseng bo mahetleng a masepala le dikarolo tse ding tsa teng.
BOIPHIHLELO BO TENG HO FIHLELA MONA
Bomasepala ba bangata ba ile ba fana ka mosebetsi wa ho etsa MNK ya bona ditsebing tsa kantle mme ba ile ba etsa mosebetsi ona jwalo ka ha e ka ke mosebetsi o fapaneng le tshebetso ya bona e tlwaelehileng ya tsamaiso ya masepala. Tsamaiso ya masepala kapa ditho tsa lekgotla, kapa tsona di le pedi, di ne di sa ka tsa ameha mosebetsing ona.
Tsela ena ya ho etsa mosebetsi wa moralo e ne e etsahala ka lehlakoreng le leng ka lebaka la pherekano e ileng ya ba teng ka lebaka la sebopeho sa mesebetsi le boikarabelo ba bomasepala. Ho feta mona, bomasepala ba bangata ba ne ba ngongorehiswa ke phephetso ya ho rala MNK ka bo bona, eleng ntho e neng e tla e phahametse bokgoni ba bona ho latela nako le boiphihlelo ba profeshenale. Pherekano ena e ne e amana le tlhaloso e hlakileng le karolo ya mesebetsi ya:
tshebetso ya tsamaiso ya moralo, le ho fana ka ditshebeletso tsa moralo le tsa thuso tsa profeshenale.
Le ha ba ne ba qhela tebello e sa utlwahaleng ya hore ba fetohe baradi ba ntshetsopele, batsamaisi ba bangata ba masepala ba ile ba qoba le ho kgema le phephetso e utlwahalang ya ho rala tsamaiso le ho tlhophiso ya mosebetsi wa ho rala.
Tlhophiso tsa ditlhophiseletso
Moralo o teng hona jwale wa molao le wa leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya kabo ya mesebetsi
Tataiso ya kabo ya mesebetsi le boikarabelo
METHEO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO
Kabo ya mesebetsi le boikarabelo kahare ho tshebetso ya moralo wa masepala e lokela ho tataiswa ke metheo ya demokrasi ka lehlakoreng le leng, le ke tataiso ya ho haba moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le wa moralo le wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong ka lehlakoreng le leng.
Demokrasi e ntjha Afrika Borwa e emetse motswako dipakeng tsa moralo wa demokrasi e nang le boemedi, moo mekgatlo e kgethilweng e tshwanang le makgotla e lokelang ho etsa qeto kapa moo a lokelang ho qetella a ananetse diqeto, mofuta wa demokrasi ya ditherisano, moo diqeto di fihlelwang ka dipuisano le setjhaba le ka mekgwa ya ho tshwara ditherisano. Bakeng sa mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, kutlwisiso ena ya demokrasi e bolela hore:
tshebetso ena ha se feela ya ho rala kahare ho puso ya masepala, empa ke foramo ya dipuisano le ditherisano tsa batho ba nang le kabelo ba bomasepala ba fapafapaneng, qeto ya ho qetela le boikarabelo ke tsa lekgotla la masepala jwalo ka mokgatlo o kgethilweng o nang le boikarabelo setjhabeng mabapi le tshebediso ya mehlodi ya setjhaba.
Motheo wa moralo o kopantsweng wa ho rala le ho finyeletsa ditshebeletso bathong (kapa tsamaiso ya moralo le phethahatso) o hloka kameho e phethahetseng ya bao ba nang le boikarabelo ba tsamaiso ya masepala tshebetsong ya moralo.
Bakeng sa mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, hona ho bolela hore:
Tshebetso ena e lokela ho tsamaiswa ke moltho ya tswang kahare ho puso ya masepala, ya sebetsang lebitsong la Motsamaisi wa Masepala (Mohlanka wa phethahatso ya ka sehloohong), ya fuweng matla a ho etsa hore bohle ba amehang ba tswang pusong ya masepala ba be le kabelo,
Ho be le komiti e ikgethang ya dikarolo tse fapaneng ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng kapa moifo wa tshebetso o lokelang ho kenyeletsa dihlooho kaofela tsa mafapha a masepala le bonyane ditho tsa lekgotla tseo eleng ditho tsa Komiti ya Phethahatso jwalo ka motheo wa ho tlisa diphetoho kahare ho tsamaiso ya masepala.
Ntle le hore ditlhoko tsena di kgotsofatwe pele, moralo wa ntshetsopele o kopantswengo na le monyetla o fokolang haholo wa hore o ka fetoha sesebediswa se nang le thuso bakeng sa mmuso wa demokrasi le mmuso wa selehae o tswelang pele.
Tlhophiso ya ditlhophiseletso
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao lw wa leano
Boiphihlelo bo teng hona jwale
Metheo ya kabo ya mesebetsi
Tataiso tsa kabo ya mesebetsi le boikarabelo
TATAISO YA KABO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO
Kabo ya sebele ya mesebetsi le boikarabelo e ka nna ya fapana dipakeng tsa mekgahlelo e fapaneng le mefuta ya bomasepala, le ho latela mehlodi e teng ya basebetsi le mokgatlo. Ha feela tseo tsohle di tsamaelana le metheo, kabo ya mesebetsi le boikarabelo ba batho ba nang le seabo ba fapaneng. Le ha ho le jwalo, kabo ya mesebetsi e hopotsweng e tla sebetsa jwalo ka tataiso ya bomasepala ba bangata ba mokgahlelo wa B.
Ba nang le seabo
Mesebetsi le Boikarabelo
Ditho tsa Lekgotla
Kgokelo ya tshebetso ya moralo kopantsweng wa ntshetsopele le dibaka tsa batshehetsi ba bona/ Diwote
Tlhophiso ya hore setjhaba se be le monyetla wa hoba le kabelo
Lekgotla la Masepala
Tlhokomelo
Komiti ya Phethahatso kapa Majoro wa Phethahatso/Motsamaisi wa Masepala/Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso
Qeto ka tshebetso ya moralo: thonya batho ba tla ba taolong; tlhokomelo ya tshebetso ya Moralo
Tsamaiso ka Phethahalo le kgokahanyo
Boikarabelo(ho netefatsa hore baamehi kaofela ba na le kabelo)
modulasetulo ya thontsweng wa komiti ya
ya tswang kahare ho masepala kabo ya nako e lekaneng
Tsamaiso ya letsatsi le letsatsi ya tshebetso lebitsong la Motsamaisi wa
Masepala ho tiisa tshebetso e nepahetseng ya tsamaiso le tlhophiso ya moralo
Komiti ya MNK/Moifo wa Tshebetso ka komiti tse ikgethang tse nyenyane tse bopilweng ka:
ditho tsa lekgotla bahlanka
ho fana ka phehiso tse amanang le mehato e fapaneng ya moralo kgutsufatso/thuiso/tshebetso ya diphehiso tse tswetsweng ke dipuisano le ba nang le kabelo puisano/maikutlo hodima phehiso tsa dikhonsaltente le ditsebi tse ding
Ba profeshenale/bathusi ba Moralo
E ka ba batho ba tswang tsamaisong ya masepala kapa ba fuweng mosebetsi ka tsela ya kontraka
Tataiso ya moralo o itseng/diboka tsa boitjhoriso/tsa thuso ya moralo /ditokomane/ ya dipatlisiso tse ikgethang
Batho ba profeshanele ba ka nka mosebetsi wa ?mongodi? Komiting ya MNK
kapa Moifong wa Tshebetso.
Bahlanka ba Masepala bahlanka ba thekniki, dihlooho tsa mafapha
Ho fana ka tsebo ya thekniki kapa ya
Ho hlophisa moralo wa ditlhahiso tsa merero ya diprojeke
Setjhaba se tlwaelehileng?
Ba emetseng ditabatabelo le ho nyehela ka tsebo le mehopolo tadima Karolo ya 8 ??Moo setjhaba se nang le monyetla wa ho kena letsoho?
MORALO WA TSHEBETSO LE MORALO O LATELWANG
DITLHOKO TSA MOLAO LE LEANO
Ho latela Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae, mokgwatshebetso wa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ke ho thusa bomasepala ho phetha boikarabelo ba bona ba ntshetsopele ka ho:
ba thusa hore ba utlwisise dikarolo tse fapaneng tsa tshebetso kahre ho sebaka sa bona;
ba kopa ho dumellana ka ponelopele e kopantsweng le e tsitsitseng hantle;
etsa hore ba ntshetsepele mawa a ho lemoha ponelopele eo ka ho etsa selekane le baamehi ba bang;
etsa hore ba nyalanye mehlodi ya bona ya ditjhelete le ya sebopeho ka morao ho boikemisetso boo ho dumellanweng ka bona ba leano ha mmoho le mananeo;
etsa bonnete ba kopanelo ya mesebetsi ya puso ya selehae ha mmoho le mahlakore a mang a Moralo wa ntshetsopele, ka ho sebetsa jwalo ka motheo wa kopanelo le tshebedisano;
sebetsa jwalo ka motho wa puisano dipakeng tsa puso ya selehaele baahi;
le ho etsa hore bomasepala ba kgone ho hlophisa le ho hlahlamanya mananeo le kabo ya mehlodi ho latelwa bohlokwa ba ona hantle.
Ka bokgutshwanyane: mralo wa ntshetsopele o kopantsweng o hloka hore e be mokgwa wa tshebetso wa ditherisano, tlhophollo, o sekametseng boikemisetsong wa ho etsa diqeto ditabeng tse amanang le ntshetsopele ya masepala. Tokomane e Tshweu mapapi le Puso ya Selehae e etsa tlhahiso ya mehato ya moralo e tsitsitseng bakeng sa mosebetsi ona.
Tlhahlobo ya sebele ya setjhaba ya hona jwale,ya moruo le ya ntshetsopele kahare ho sebaka sa masepala ? nnete ya hona jwale.
Tsepamiso ya ditlhoko tsa setjhaba ka tsela ya ditherisano tse haufi.
Tlhakisetso ya mehlodi e teng, mahlale le bokgoni.
Tokodiso ya ditlhoko ho latela bohlokwa ba tsona ho latela bohlokwa ba hore di potlakelwe le nako ya tsona e telele.
Ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso o kopantsweng le sepheo ho kgotsofatsa ditlhoko tsena.
Popo ya mawa ho ka fihlella sepheo ho latela nako e itseng e qaqisitsweng.
Phethahatso ya merero ho ka fihlela dipheo tsa bohlokwa.
Tshebediso ya disebediswa tsa tlhokomelo ho lekanya tshusumetso le tshebetso.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae ha e a hlaka hantle ka ?sehlahiswa? le tshebetso, le ka sebopeho sa tokomane kapa sa ditokomane tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
MORALO WA TSHEBETSO
Ditlhoko tsa Molao le tsa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya mokgwatshebetso wa Moralo
Tataiso ya ho arabela potso ya hore ho etswe JWANG
Le ha mohopolo ka MNK e le ho bopa moralo o kopantsweng o batsi, bomasepala ba keke ba rala dintho tsohle ka botebo selemong sa pele. MNK e ka mpa ya matlafatsa bomasepala hore ba lokodise ka bohlokwa le leano mesebetsi ya bona le mehlodi. Teko ya ho leka ho rala dintho ka tsela e batsi haholo e ka nna ya tswala taba ya hore ho etswe meralo e sa utlwahaleng e hlokang mehlodi ya ditjhelete le batho ba tla thusa ho etsa mosebetsi oo wa phethahatso?
Taba ya hore mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela hoba batsi ho le hokae le hore o lokela ho teba hakae, e sa ntsane e lokela hore e arabuwe.
Molao wa moralo wa Masepala o hlalosa bonyane ba ditlhoko tsa molao mabapi le dikahare kapa ?dikarolo tseo eleng mooko? wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng tse kenyeletsang (boholo ba mehato e tsamaelanang le ditlhahiso tsa Tokomane e Tshweu e mabapi le Puso ya Selehae):
tlhahlobo ya maemo a teng hona jwale a ntshetsopele;
tokodiso ya dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho ntshetswapele;
boikemisetso ba ntshetsopele;
mawa a ntshetsopele;
Moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya sebaka;
mawa a tshebetso;
meralo ya taolo ya koduwa;
Moralo wa ditjhelete (ho kenyeleditswe ditekanyetso tsa dilemo tse 3 tse tlang); le
Di-KPI le maemo a lebeletsweng a katleho.
Lenane la dikahare le fana ka sesupo se hlakileng sa ho ralwa ha mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
BOIPHIHLELO HO FIHLELA MONA
Bomasepala ba bangata ha mmoho le dikhonsaltente tsa bona tsa moralo di fumane ho le boima ho kgema le diphephetso tsa mekgwa e fapafapaneng e amanangb le ditlhoko tsa Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae le Molao wa Mekgwa ya Masepala:
Bongaka bo ile ba fumana ho le boima ho hlophisa tshebetso moo setjhaba se fuwang monyetla wa ho phehisa ka moralo o tshwanetseng.
Bomasepala ba bangata ba ile ba sebedisa tjhelete ya bona ya ho rala ditshebetsong tse batsi tse hlokang tsela tsa tlhophollo ya boemo (hangata ba ile ba fumana tataiso e fosahetseng melawaneng ya provense e laeletsang dikahare tsa tlhophollo e jwalo ka botebo) tse neng di hloka thuso bakeng sa ho utlwisisa diphetoho tse teng sebakeng.
Batho ba ralang ba bangata ba ile ba fumana ho le boima ho amanya mmoho sephetho ka seng sa lesedi la tlhophollo le sa tlhophollo ya ditlhoko ho latela nyehelo ya setjhaba se ileng sa fana ka diphehiso.
Ha ho bomasepala ba ileng ba kgona ho kgema le ho rala mawa a ntshetsopele, ho etsa kgetho tse nang le lewa, tokodiso ya ho hlahlamanya dintho ho latela bohlokwa ba tsona le ho arabela dipotso tsa JWANG.
Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele e mengata ha e a tsitsa ho lekaneng ho ka tataisa phethahatso mme e hole haholo hore e ka ba sesebediswa sa tsamaiso se sebetsang.
MOKGWATSHEBETSO WA MORALO
Ditlhoko tsa Molao le tsa Leano
Boitsebiso bo teng ho fihlela mona
Metheo ya Moralo wa tshebetso
Tataiso tsa ho araba potso e reng JWANG
Boholo ba diphephetso e ne e le tse ntjha. Thupelo e loketseng le mekgwa ya tshehetso e ne eso ka eba teng. Bukana ya tataiso ya MNK, e ileng ya leka ho thusa bomasepala ho ba boemong ba ho ka thulana le diphephetso tsena tse ntjha e nang le ditlha tse tebileng tsa mohato o mong le o mong le mokgwatshebetso wa sebediswa ka seng, e ile ya qetella e bontsha hoba thata haholo. E ile ya lemmalla ho kgothaletsa mokgwatshebetso wa batehi e nyahamisang mosebetsi wa dipuisano tse batsi le tse bulehileng tsa leano tse mabapi le ?ditaba tsa sebele? le ditsela tse loketseng ho feta ha mmoho le mekgwa ya ho sebetsana le tsona.
Ka bokgutshwanyane: Bomasepala ba bangata le ditsebi tsa bona tsa ho rala ha ba eso fumane mekgwa e loketseng ya ho kgema le phephetso e ntjha ya ho kopanya ditshebetso tsa ho fana ka monyetla wa diphehiso ho batho, tsa leano le moralo wa morero wa projekte e sekametseng phethahatsong. Tataiso tse teng di ne di sa fane ka karabo e phethahetseng potsong ena ya bohlokwa.
METHEO YA MOKGWATSHEBETSO WA MORALO
Ka tsela e tsamaelanang le Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae ha mmoho le Molao wa Mekgwa ya Masepala, mokgwatshebetso wa MNK e lokela ho nyalana le metheo e latelang ya mekgwa ya tshebetso:
MNK o lokela ho bontsha ditlhoko/mathata ho latela bohlokwa bakeng sa masepala le baahi ba hae.
Mehlodi e teng e lokela hore e sebediswe ka moralo o sekametseng boikemisetsong.
Moralo o lokela hore ebe wa lewa, ka mantswe a mang o lokela hore o thehwe tshebetsong ya dikgetho tse nang le tsebo le ho batla ditharolo tse sebedisang tjhelete ka tlhokomelo e ntle ka tshebedisano e matla haholo le ho ba le tshusumetso e ntle.
iv. MNK o lokela ho sekamela phethahatsong, o lokela ho qaqisa dintho hantle ho fana ka lesedi ditekanyetsong, meralong ya kgwebo, qetong tsa taolo ya tshebediso ya mobu.
Ka bokgutshwanyane: Mosebetsi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o lokela ho fana ka foramo e hlahisang, le ho tshohla ha mmoho le ho rarolla ?ditaba tsa nnete? ho masepala (e leng ditaba tseo mohlomong di akaretsang masepala kaofela, ha mmoho le ditaba tse ditjhaba tse qoholotsweng kapa dihlopha tsa baamehi) ho fihlela boemong ba botebo bo hlokehang bakeng sa ditjeho tse utlwahalang le tse thusang taolong ya mosebetsi wa phethahatso ntle le tieho e kgolo.
TATAISO YA HO ARABELA POTSO YA JWANG
Ha se mosebetsi wa tataiso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng hofana ka tataiso e nang le moralo o ka latelwang o ka thusang ho arabela dipotso tsohle tsa JWANG ka tsela e tebileng. Hona ho etswa Tataisong ya Boraro. Le ha ho lejwalo, ho na le dipotso tsa mantlha tse amanang le moralo o lokelang ho latelwa tse tshwanetseng hore di nkuwe jwalo ka ditaba tsa leano, ebile di hloka hore ho sebetsanwe le tsona karolong ena.
Tshebetso e fanang ka monyetla wa phehiso
Moralo wa Masepala kahare ho bomasepala ba nammeng (ka palohare ya baahi ba ka bang 100 000) o keke wa thehwa hodima kabelo e otlolohileng e sebetsang ka dikopano tsa setjhaba, empa e hloka phehiso ya sebopeho e tlang ka metjha ya phehiso e sebetsang ka sebopeho se itseng (tadima karolo ya 8).
MORALO WA TSHEBETSO
Ditlhoko tsa Molao le Leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya Moralo wa tshebetso
Tataiso tsa ho araba potso ya HOBANENG
Tlhophollo
Hona ha ho bolele pokello e batsi ya mefuta yohle ya lesedi. E lokela hore e tsepamise maikutlo ditabeng tse fumanweng e le tsa bohlokwa le ho thusa ho hlakisa mabaka le mahlakore a ditaba tsena. Hona ho hloka hore ho fetolwe melawana e mengata ya diprovense.
Tlhophollo e thehilweng hodima lesedi le bokeletsweng le ho fumana mathata kapa ditlhoko kapa ditaba ka tsela eo bohle ba nang le seabo ho yona.
Ditsela tsena tsa tshebetso di lokela ho sebedisana mmoho. Ditherisano moo bohle ba fuwang monyetla wa ho phehisa setjhabeng kapa baamehi di lokela hore di etswe hore di amane le dintlha tsa nnete le dipalo, ha ditaba tsa bohlokwa tse tswetsweng ke mosebetsi wa ho fana ka monyetla wa phehiso ho bohle e le tsona tse lokelang hore ebe dihlooho tlhophollong e tebileng.
Mosebetsi wa ho fihlella boikemisetso le mawa bakeng sa taba e nngwe le e nngwe ya bohlokwa o lokela hore o dumelle mosebetsi wa dipuisano tsa lewa tsa mahlakore a mangata tse thehilweng hodima ditsela tsa ho sebetsana le ditaba. Ena e reretswe hore ebe tshebetso ya ho buisana ka mawa a fapaneng, ho nketswe hloohong tataiso tsa lenao le maemo a mokgwa wa tshebetso.
Ha eba mesebetsi ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng le dihlahiswa e lokela hore ebe dintho tse tla thusa ho akofisa le ho ntlafatsa ho finyeletsa ditshebeletso bathong, le ha eba e le ntho tse lokelang ho fana ka tsebo ditekanyetsong, meralong ya kgwebo, taolong ya tshebediso ya naha le mananeo a karolo ya boemedi, e tla lokela hore ebe le qaqiso e lekaneng ho dumella dipalo tsa ditshenyehelo, le ho metha maemo a lebeletsweng ha mmoho le diqeto dibakeng. Hona ho hloka qeto hodima, mohlala, maemo a theknoloji le meralo.
Qetellong, moralo wa merero ya diprojeke tsa thekniki e lokela hore ebe karolo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho fihlela ntlheng e itseng, hore e tle e fetohe karolo ya moshwella ya moralo wa taolo ya masepala. Hona ho bolela hore MNK o lokela ho:
kenyeletsa moralo wa tshebetso o tlamang wa sebaka o qaqisang ho lekaneng hore o kgone ho bopa motheo o sebetsang bakeng sa diqeto tse potlakileng tsa taolo ya mobu le ho tataisa diqeto tsa matsete tsa batsetedi ba praevete le ba setjhaba.
kenyeletsa ditlhahiso tsa merero ya dijrojekte tse nang le dintlha tse lekaneng ho dumella tlhophollo e nang le monyetla wa tshebediso le e sebetsang mme ka hoo e ka hohela matlole a ditjhelete tse tswang mekgatlong ya ditjhelete.
kenyeletsa mananeo a tshebetso a ntshetsopele ya moruo le ho fehla tjhelete e kenang e reretsweng ho thehwa ha sebaka kapa tlhekelo ya tikoloho ya menyetla ya moruo;
kenyeletsa maemo a qaqisitsweng hantle a tse lebeletsweng le sesupo jwalo ka motheo wa ponaletso le wa boikarabello ba makgotla a selehae le jwalo ka moralo wa taolo ya katleho ya tshebetso; le hlophisa sebaka sa dilekane tsa ditshebeletso tsa masepala, ho kenyeleditswe dilekane tsa setjhaba, ka ho fa setjhaba monyetla wa ho tlisa phehiso tsa sona le mekgatlo e amehang moralong le mosebetsing wa ho etsa diqeto tsa merero ya diprojeke tsa selehae tse bonahalang.
PHEHISO TSA SETJHABA MOSEBETSING WA MORALO O
MORALO O TENG WA MOLAO LE LEANO
Molao wa motheo o totobatsa hore maikemisetso a mang a bomasepala ke ?ho kgothaletsa setjhaba hore se be le diphehiso le mekgatlo ya setjhaba ditabeng tsa mmuso wa selehae.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e hatella taba ya hore setjhaba se fumane monyetla wa ho ba le diphehiso (eseng feela moralong wa masepala). E tswela pele ho feta mona ka dintlha tsa ka moo setjhaba se ka fuwang sebaka sa ho ba le diphehiso ka teng le mosebetsi wa puso ya selehae wa ho netefatsa hore baahi ba kenyeletswa popong ya leano le moralong wa mananeo a masepala ha mmoho le phethahatso le tlhokomelo ha mmoho le tlhahlobo ya mananeo a jwalo. Taba ya hore setjhaba se kenye letsoho e reretswe ho ntshetsapele demokrasi. Le ha Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e toboketsa hore bomasepala ka bobona ba lokela ho ntshetsapele mawa a tshwanetseng le mekgwa ya ho netefatsa hore setjhaba se na le kabelo. Dikeletsonyana tsa ka moo hona ho ka etsahalang ka teng:
diforamo tsa mekgatlo e hlophisitsweng haholo lehlakoreng la ho bopa ponelopele le maanong a ditaba tse itseng tse qaqileng, ho feta taba ya maano a mangata;
ditsela tse hlophisitsweng hantle tsa hore baamehi ba be le kabelo dikomiting tsa lekgotla (ka ho qoholleha dikomiting tsa ditaba tse nang le tshekamelo tsa nakwana);
kgato diphuputso moo bohle ba nang le monyetla wa ho phehisa, ka dihlopha tse qoholehileng (bakeng sa lesedi le keneletseng ditabeng tse ikgethang); le popo ya mekgatlo (haholo bathong ba dibakeng tse behilweng ka mosing).
Ho na le tataiso tse itseng tse bontshwang dikeletsong tsena. Ntlheng ya pele, moralo oo setjhaba se phisang ka ona o lokela hore o tsamaiswe ka tsela e hlophisitsweng hantle eseng feela tsela ya dikopano tsa setjhaba tse bokantseng batho ba bangata ha mmoho. Ntlheng ya bobedi, moralo oo setjhaba se phehisang ka ona o lokela hore o tsepamise maikutlo mekgweng e itseng e ikgethang, mme le ona ha se hore ke moralo o sebetsang hantle makaleng ohle a tsamaiso ya masepala.
Puso ya selehae ha e a lebellwa feela hore e fumane ditsela tseo eleng tsa yona tsa tlhophiso ya mekgwa ya hore setjhaba se kgone ho tlisa diphehiso, empa puso ena ya selehae e lebeletswe hore e itahlele ka setotswana mosebetsing wa ho kgothaletsa le ho ntshetsapele ho kenya letsoho, haholo ha ho tluwa diphehisong tsa dihlopha tse behilweng ka mosing ha mmoho le basadi.
Ha Molao wa moralo wa Masepala o hlalosa masepala e le ?mokgatlo o bopilweng ka batho? o sa thehwang feela ka ?makala, batho ba lokelang feela ho etsa mesebetsi e itseng le tsamaiso? empa ke mokgatlo o thehilweng ka ?ditjhaba, baahi, balefi ba ditefello?, mme o kgetholla ka ho hlaka dipakeng tsa mesebetsi le boikarabelo ba ?mekgatlo ya puso? (eleng e bopang mokgatlo o ka thoko wa molao), le ditjhaba, baahi le balefi ba ditefello.
Kgaolo ya Molao wa moralo wa Masepala ya diphehiso tsa setjhaba e tataiswa ke motheo wa hore mmuso o nang le boemedi ba molao o lokela hore o tlatseletswe ke moralo wa puso e fang batho sebaka sa ho phehisa. Diphehiso mekgweng ya ha ho nkuwa diqeto ho bomasepala ke ntho e tsepamisitsweng e le tokelo ya ditjhaba, baahi le balefi ba ditefello. moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o toboketswa e le tikoloho e ikgethang ya diphehiso tsa setjhaba.
KABELO YA SETJHABA
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya kabelo ya setjhaba
Mesebetsi le moelelo wa kabelo wa setjhaba
Disebediswa, mehato le mekgwa
Tataiso ya ho theha maemo
Tataiso tabeng ya kgothaletso
Tataiso karolong
Qeto ya mekgwa e loketseng, tshebetso le mehato ya ka moo setjhaba se ka fumanang sebaka sa ho phehisa ka yona ke ntho e boikarabelong ba masepala. Mehato e laeletswang feela ya hore setjhaba se kgone hoba le kabelo ke kamohelo, tshebetso le lekola manane a ditletlebo le dingongoreho le ho lekola dibaka tsa moo ho pepeswang ditsebiso tsa dikopano tsa lekgotla. Ha ho mehato e laeleditsweng ya tsela eo setjhaba se ka bang le kabelo ka yona tshebetsong ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Bomasepala ba kopuwa ho theha maemo bakeng sa ho fa setjhaba monyetlwa wa ho ba le kabelo mme ho feta moo, ba lokela ho ba kgothaletsa ho etsa jwalo. Sesebediswa se le seng se laeletswang bakeng sa ho kgothaletsa diphehiso tsa setjhaba, le ha ho le jwalo, ke ho hasanya lesedi bakeng sa mekgwa le ditaba tsa kabelo ya setjhaba, mabapi le ditokelo le mesebetsi ya baahi le mabapi le ditaba tsa puso ya masepala ka kakaretso.
Boiphihlelo ho tla fihla jwale
Ho lesa bomasepala ho etsa qeto ka mekgwa le ditsela tsa ka moo setjhaba se ka fuwang sebaka sa ho ba le kabelo ho atisa ho tswala:
Hore ho be le ditsela tse fapaneng haholo tsa demokrasi ka metswako e qhalaneng haholo ya boemedi ba molao le puso e fanang ka monyetla wa hore setjhaba se be le kabelo kahare ho naha;
Hore bomasepala ba bangata ba hloke thuso mme ba ferekane ho ferekana le ho feta, hoo ba ileng ba fumana ho le boima ho fumana mehato e tshwanetseng ya bona;
Hore baahi ba hanelwe ka monyetla wa tokelo ya bona ya ho kenya letsoho, ka ho qoba ho tsepamisa bonyane ba ditlhoko bo qaqisang tokelo eo.
Ho ile ha hlophiswa tshebetso tse ngata tsa ho fa setjhaba monyetla wa ho kenya letsoho ka diphehiso mohatong wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng o sa tswa etswa haufinyane mme tsona di ile tsa etswa ka moralo o sa nyallaneng le motheo ofe kapa ofe o akaretsang o lokodisitsweng Tokomaneng e Tshweu ya Puso ya Selehae le Molaong wa Mekgwa ya Masepala.
METHEO YA HORE SETJHABA SE KGONE HOBA LE SEABO
Makgotla a kgethilweng ke foramo ya qetelo e nkang qeto hodima Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele. Mosebetsi wa demokrasi e etsang hore bohle ba be le kabelo, ke ho fana ka tsebo, e thehang dipuisanole ho hlahisa maikutlo ka diqeto tseo, nakong ya mosebetsi wa ho rala kapa ho nka diqeto.
Tsela eo setjhaba se fuwang monyetla wa ho fana ka diphehiso e lokela hore e etswe ka mokgatlo e le ho tiisa hore baahi bohle ba naha ba na le tokelo e lekanang ya ho kenya letsoho. Ho hlophisa tsela ya diphehiso ka tsela ya mokgatlo e hlalosa:
ho tsepamisa bonyane ba ditlhoko bakeng sa mehato ya ho fana ka diphehiso tse sebetsang ho bomasepala kaofela ka tsela ya melawana, le ho fana ka mokgwa wa tshebetso wa mokgatlo ko amohelwang ka molao.
Tsela ya ho fana ka diphehiso ka moralo o hlophisitsweng hantle: Bomasepala ba bangata ba baholo ho latela bongaka ba batho le sebaka hore ba ka kgona ho dumella tsela e otlolohileng ya hore baahi ba bangata ba kgone ho fana diphehiso tsa bona ka moralo o kopakopaneng wa ho rala. Ho fumana sebaka sa ho kenya letsoho Moralong o kopantsweng wa ntshetsopele, ka hoo, ho hloka melao e hlakileng le mehato e qaqisang hantle hore ke mang ya lokelang hore a kenye letsoho ho fana ka diphehiso kapa ke mang ya lokelang hore a reriswe, lebitsong la mang, tabeng efe, ka moralo ojwang wa tlhophiso, le ka tshusumetso efe.
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le leano
Boitsebo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya kabelo ya setjhaba
Mesebetsi le moelelo wa seabo sa setjhaba
Disebediswa, mehato le mekgwa
Tataiso tsa ho theha maemo a loketseng
Tataiso ntlheng ya kgothatso
Tataiso bakeng sa mehato iv. Phapano ya ditjhaba: Tsela ya hore setjhaba se fumane monyetla wa ho kenya letsoho ka tsela ya mokgatlo le ka tsela e hlophisitsweng hantle ke ntho e lokelang hore e fane ka monyetla o lekaneng wa phapano ya ditjhaba, e leng mekgwa e fapaneng ya ho phehisa le botjhaba. Jwalo ka ha ho loketse hore ho be le moralo wa molao bakeng sa tsela ena ya ho kenya letsoho ka mokgwa wa mokgatlo kahara naha, Moralo ona o lokela hore o be batsi ho lekaneng bakeng sa diphetoho tse tsamaelanang le sebaka tse tla etswa ke diprovense le bomasepala.
v. Ha puso ya masepala e ntshetsopele moralo wa hore setjhaba se fumane sebaka sa ho tlisa diphehiso ya sona, puso e lokela ho tlisa phapano:
ho theha maemo a hore setjhaba se kgone ho tlisa diphehiso tsa sona, eleng ntho e tlamang bomasepala kaofela (ho latela Molao wa Mekgwa ya Masepala), le ho kgothaletsa moralo hore setjhaba se fumane sebaka sa ho tlisa diphehiso tsa sona, eleng ntho e lokelang hore e etswe ka ho ikgetha ho nkeletswe hloohong dihlopha tsa batho bao esale ba hloka menyetla kapa ba behilwe ka mosing ebile ho nketswe hloohong le taba ya tekano ya batho ba basadi le ba banna ho latela maemo le bokgoni tulong ya masepala.
MESEBETSI LE MOELELO WA KABELO YA SETJHABA MOSEBETSING
WA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG
Ho kenya letsoho moralong wa ntshetsopele o kopantsweng ke le leng la mapatlelo a seng makae la tsela ya tshebedisano tabeng ya hona le kanelo dipakeng tsa puso ya selehae le baahi. Mekgwa e meng ya ho tiisa hore ho na le monyetla wa hore setjhaba se kgone hoba le kgabelo mmusong wa selehae ke:
ho fa batho boikgethelo dipakeng tsa ditshebeletso;
hobe le ditsela tse sekametseng baahing le mosebedising tsa tshebeletso ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong le tsamaiso ya setjhaba;
selekane dipakeng tsa baahi/mekgatlo ya baamehi le balaodi ba selehae mererong ya diprojeke tsa phethahatso; le ho fa baahi tokelo ya ho etsa pepeso ya dingongoreho le ditletlebo le o tlama puso ya bomasepala ho arabela.
Ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya MNK ya bomasepala ho lokela hore ho bonwe ho latela moelelo o batsi. Ho sebetsa ho kgotsofatsa mesebetsi e meholo e mene:
Tshekamelo ya ditlhoko e tiisang hore ditlhoko tsa batho le mathata a bona di a tsotellwa.
Ditharollo tse tshwanelehileng: tshebediso ya tsebo le boiphihlelo ba baahi ba selehae ho kgona ho fihlela mehato le ditharollo tse tshwanelehileng le tse tla tshwarella nako e telele.
Thuo ya setjhaba: ho fumana matsapa le mehlodi ya baahi ba selehae le batho ba teng, le ho kgothaletsa tshebedisano le ho thehwa ha dilekane dipakeng tsa puso ya selehae le baahi bakeng sa phethahatso le tlhokomelo.
iv. Matlafatso: Ho etsa hore moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ebe ketsahalo ya setjhaba le foramo ya ho tshohla ditabatabelo tse nang le kgohlano, ho fihlela kutlwano le le kutlwisisano, mme ka ho etsa jwalo, ho etsa motheo wa ponaletso le boikarabelo pusong ya selehae mabapi le baahi ba selehae.
Mesebetsi ena e lokela hore ka dinako tsohle ebe le tshusumetso kgethong ya mehato e tshwanelehileng le mnekgwa e loketseng bakeng sa hore setjhaba se kgone hoba le kabelo.
KABELO YA SETJHABA
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya kabelo ya setjhaba
Mesebetsi le moelelo wa kabelo ya setjhaba
Disebediswa, mehato le mekgwa
Tataiso tsa ho thehwa ha maemo a loketseng
Tataiso mabapi le dikgothaletso
Tataiso mabapi le mehato
DISEBEDISWA, MEHATO LE MEKGWA YA TSHEBETSO YA POPO YA
MOKGATLO LE TLHOPHISO YA HORE SETJHABA SE FUMANE
KABELO
Tsela ya ho phehisa ka moralo o hlophisitsweng hantle e thehilwe hodima boteng ba mekgatlo e nang le ditokelo tse itseng mosebetsing wa moralo. Le ha dithlophiseletso tsa mekgatlo di ka fapana haholo ka dintlha sebakeng se seng le se seng, bonyane ditlhoko tse latelang di lokela hore di laolwe.
Dikomiti tsa Diwote ke meralo ya tshebetso ya mekgatlo eo ka yona baahi dibakeng tsa jeokrafi ba ka bang le kabelo tshebetsong ya moralo.
Mekgatlo ya baamehi e emelang ditabatabelo tse itseng tsa setjhaba, moruo, bong kapa tikoloho e lokela hore e ngodiswe e le ?Mekgatlo ya Baamehi? (boemong ba masepala) eo ka yona baamehi ba ka kgonang ho kenya letsoho mosebetsing wa moralo.
Lekgotla ha mmoho le modulasetulo wa Komiti ya MNK le lokela hore le etse bonnete ba hore dihlopha tsohle tse loketseng le mekgahlelo yohle ya setjhaba e fumana monyetla wa ho emelwa ka moralo o phethahetseng. Dihlopha tse sa hlophisehang di lokela hore di emelwe ke ?babuelli? (mohlala basebetsi ba thekolohelo, Mekgatlo eo eseng ya mmuso, batho ba nang le mehlodi ba ileng ba etsa dipatlisiso ka dihlopha tse jwalo, jwalo jwalo).
iv. Dikomiti kaofela tsa Diwote le Mekgatlo ya Baamehi di lokela ho emelwa ke ?Foramo e nang le boemedi ya MNK? e tla bopa lehokela la molao dipakeng tsa puso ya masepala le setjhaba. Foramo ya boemedi ya MNK e lokela hore ebe mokgatlo wa moshwella oo ebileng o nang le boikarabelo ba tlhokomelo ya ho hlokomela katleho ya tshebetso nakong ya phethahatso ya MNK. Dikopanong tsa Foramo ya MNK ho tshwanetse hore ho be le ditho tsa Komiti ya MNK le ditho tsa lekgotla.
v. Dikomiti tsa MNK le dikomitjana tsa teng tsa thekniki, tsa merero ya diprojeke le tse amanang le mananeo kapa meifo ya mesebetsi di ka kenyeletsa baemedi ba tswang dikomiting tsa wote le mekgatlong ya baamehi kapa batho ba nang le mehlodi ba tswang setjhabeng se tlwaelehileng ha masepala a amohela hoo ho nepahetse. Baemedi ba mofuta o jwalo e ka ba ba moshwella ba dikomitjana kapa ba dikomiti kapa ya eba batho ba menngweng ka motheo wa nakwana.
Bakeng sa bomasepala ba mokgahlelo wa A le wa C, ho tla sebetsa ditlhophiseletso tse fapaneng tsa mokgatlo. Ha ditereke di ka kgona ho haha ka tshebetso ya diphehiso tsa makgotla a selehae kahare ho sebaka sa taolo, bomasepala ba metse e meholo ba ka hloka mohato o mong hape wa diphehiso tse tsamaiswang ho latela boemo ba metsana.
KABELO YA SETJHABA
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le wa leano
Boitsebo bo teng hona jwale
Metheo ya kabelo ya setjhaba
Mesebetsi le moelelo wa kabelo ya setjhaba
Disebediswa, maemo ba bonkakarolo ba setjhaba
Tataiso tsa ho theha maemo
FUMANE KABELO YA SONA
Molao wa Mekgwa ya Masepala o hloka hore bomasepala ba hasanye lesedi ka mesebesi le mehato ekasitana le ka dintlha tseo setjhaba se nang le ngongoreho ya tsona.
Ho tlisa phetoho tlhokong ena e akaretsang ya tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ho bolela hore masepala e mong le e mong o lokela ho latela bonyane mehato e latelang.
Baahi ba lokela ho fumana lesedi ka tshebetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng ka kakaretso, le ka diketsahalo tsa bohlokwa tse amanang le mosebetsi oo ka:
ditsebiso tsa setjhaba phatlalatso e loketseng e tla tsepamiswa ?moralong wa tshebetso?;
dikomiti tsa wote le makgatlo ya baamehi.
Ditho tsa lekgotla di lokela ho fana ka lesedi baahing ba sebaka seo sa wote, ka tsela ya kopano ya setjhaba ya boemo ba wote.
Baemedi ba Foramo ya MNK ba lokela ho ba le kameho le mohato o moholo wa mosebetsi wa ho rala bonyane hang.
iv. Baemedi ba setjhaba le baemedi ba baamehi ba lokela ho fuwa nako e lekaneng (dibeke tse 2 ho isa ho tse 4) ho tsamaisa dikopano kapa diwekshopo le dihlopha, setjhaba kapa mekgatlo eo ba e emelang, pele Foramo ya boemedi ya MNK e sebesana le taba. Lebaka mona ke ho fana ka sebaka se lekaneng hantle bakeng sa boemedi bo phethahetseng ba hoba le kabelo, empa hona ha ho ame hakaalo puso ya masepala setjhabeng kapa diwekshopo tsa boemo ba baamehi.
v. Ditokomane tsa etsa moralo di lokela hore di kgone ho ka bonwa ke moahi e mong le e mong mme motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho nehelana ka maikutlo a hae a ngotsweng. Ho tshwanetse hore hobe le nako ya bonyane dibeke tse nne bakeng sa hore dikomiti tsa wote, mekgatlo ya baamehi le dihlopha tse nang le thahasello ha mmoho le baahi ba buisane ka tokomane ya moralo ka tsela e pepeneneng, le ho hlahisa maikutlo ka yona pele Foramo ya baemedi ba MNK ba sebetsana le moralo oo.
vi. Komiti ya MNK e lokela ho fana ka tsebo dikomiting tsa wote le mekgatlong ya baamehi ka tsela eo maikutlo a ileng a lekolwa ka teng, kapa ka mabaka ao ka ona maikutlo a sa kang a tadingwa ke Foramo ya baemedi ba MNK, pele Moralo o tekwa ka pele ho lekgotla bakeng sa ho tjhaellwa monwana.
vii. Dikopano tsa lekgotla mabapi le kananelo ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng di lokela hore ebe dikopano tsa setjhaba.
TATAISO MABAPI LE KGOTHALETSO YA HORE SETJHABA SE
FUMANE MONYETLA WA KABELO
Puso ya masepala ka dikomiti tsa MNK le ditho tsa teng tsa lekgotla, e lokela hore e sebedise mekgwa e tshwanetseng, ho feta taba ya ho theha maemo a hlokehang, ho kgothaletsa hore setjhaba se fumane monyetla wa ho kabelo. Jwalo ka ha e tla ba bothata hore bomasepala ba bangata ba nehelane ka bonyane ba maemo, leho etsa bonnete baa hore ho na le kameho ya baamehi ba baholo ba tswang kahare ho puso ya masepala, jwalo ka ha ho ba le kabelo e le tokelo empa ese mosebetsi wa baahi, bokgoni ba ho kgothaletsa setjhaba hore se be le kabelo boemong ba baahi bo tla le moedi o itseng dibakeng tse ngata.
Kgothaletso e sebetsang e lokela hore e tsepamiswe dihlopheng tsa setjhaba tse sa hlophisetsang hantle tse hlokang matla a ho hlahisa ditabatabelo tsa ona phatlalatsa. Ntho ena e ka hlalosa dihlopha tsa batho ba futsanehileng, basadi, dihlopha tsa batho ba dilemong tse itseng (tsa batjha, dikgutsana, maqheku). Masepala o lokela ho fumana dihlopha tsena le ho tsepamisa ditsela tse loketseng tsa ho etsa bonnete ba hore di na le boemedi Foramong ya baemedi ya MNK.
KABELO YA SETJHABA
Mokgwa wa tshebetso o teng wa molao le wa leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya kabelo ya setjhaba
Mesebetsi ya le moelelo wa kabelo ya setjhaba
Disebediswa, mehato le mekgwa e ka latelwang
Tataiso mabapi le dikgothaletso
Metheo mabapi le mehato
TATAISO MABAPI LE MAHATO YA KABELO YA SETJHABA
Kabelo ya setjhaba ha se ka dinako tsohle e loketseng ebileng e tshwanelehileng bohatong bo bong le bo bong ba moralo, mme ha se mehato yohle ya kabelo ya stjhaba e tsamaelanang le mohato o mong le o mong wa moralo. Ho leka ho etsetsa moedi ditefello tsa kabelo ya setjhaba, ho qoba mokgathala wa kabelo ya setjhaba, le ho phahamisa tshusumetso ya kabelo ena ya setjhaba, mekgwa eo setjhaba se lokelang ho phehisa ka ona o tla lokela hore o fapane bohatong bo bong le bo bong. Tataiso tsena latelang di ka thusa bomasepala ho etsa qeto ka disebediswa tse loketseng bakeng sa bohato bo lokileng:
Mohato wa ho rala
Matla a hlokehang a seabo sa setjhaba
Mekgwa
Tlhophollo kopao ya setjhaba le baamehi
Diphuputso tsa sampole mathata a dipalopalo,jj
Ho nonywa ha maikutlo
Mawa
Diwekshopo tsa boemo ba setereke, le baemedi ba ba mafapha le baemedi ba hlwauweng mekgatlong ya ba nang le kabelo le batho ba nang le mehlodi
Moralo wa projekte a Diprojeke/Mananeo le
Masepala ka sekepele se
Batsi b Diprojeke tsa boemo ba
Setjhaba tsa selehae
Dikomitjana tsa thekniki ka batho ba hlwauweng, le baemedi ba mekgatlo ya baamehi kapa setjhaba se tlwaelehileng
Ditherisano tse matla dipakeng tsa dikomitjana tsa thekniki le baahi kapa batho ba nang le kabelo
Ka Foramo ya baemedi ba MNK
Kananelo
Tshebetso ya dipuisano kapa ditherisano tse batsi tsa setjhaba kapa mekgatlo ya ba nang le seabo
Ka Foramo ya baemedi ya MNK
Matla a maholo: Hore setjhaba, ba nang le kabelo, baahi, basebedisi le balekane ba be le kabelo.
Matla a mahareng: Foramo ya baemedi ba MNK ya masepala.
Matla a tlase: Dikomiti tse nyenyane tsa thekniki le baemedi ba hlwauweng ba setjhaba.
MEKGWA YA TSHEHETSO YA MORALO WA MASEPALA
MORALO WA TSHEBETSO O TENG WA MOLAO LE LEANO
Ho na le karohanyo e hlakileng dipakeng tsa mesebetsi le boikarabelo boo karolo e nngwe le e nngwe ya mmuso e nang le yona, tokelong ya yona jwalo ka karolo ya moralo wa tshebedisano ya mmuso ka boikarabelo bo arolelanweng, le mesebetsi e ikgethang ya tshehetso ya puso ya naha le ya provense mabapi le puso ya selehae, e reretsweng ho thusa puso ya selehae ho phethisa mesebetsi ya yona ka ho phethahala. Le ha boikarabelo bo arolelanweng kahare ho moralo wa puso ya tshebedisano e le ba sebopeho sa nako e telele, boikarabelo ba tshehetso bo ka nna ba nka nakwana.
Ho latela Molao wa Motheo, mmuso wa naha le puso ya provense bobedi di lokela ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala ho tsamaisa ditaba tsa bona, ho sebedisa matla ao ba nang le ona le ho etsa mosebetsi wa bona.
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e buwa ka matla a molao wa motheo mme e qaqisa mesebetsi ya mmuso wa naha le mmuso wa provense. Ha mmuso wa naha o lokela ho theha moralo o akaretsang wa tshebetso bakeng sa popo ya bokgoni ba masepala le tshehetso, mmuso wa provense o lokela ho fana ka mokgwa wa tshebetso wa popo ya bokgoni provenseng, o ikarabellang ditlhokong tse fapaneng tsa bomasepala, le ho tiisa hore popo ya bokgoni bona e a etsahala. Meralo ya thupelo ya provense e lokela hore e thehwe. Ho fana ka thuso ya MNK ya masepala ke o mong wa mesebetsi ya popo ya bokgoni bo bolelwang Tokomaneng e Tshweu ya Puso ya Selehae. Puso ya setereke e lebeletswe ho phethisa mosebetsi wa ho nehelana ka thuso ha e hlokwa ha mmoho le popo ya bokgoni e tsamayang ka metjha bakeng sa bomasepala ba selehae. Karolo ena hara tse ding tse ngata, e bolela thuso ya thekniki karolong ya moralo.
Molao wa Mekgwa ya Masepala o bolela feela mosebetsi wa tshehetso wa provense bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng, ntle le ho nehelana ka dintlha tse ding tse fetang moo.
Mahlakore ohle a mmuso a lebeletswe ho jara boikarabelo ba tshehetso ya popo ya bokgoni bakeng sa bomasepala ba selehae. Ha mosebetsi wa mmuso wa naha e le wa ho fana ka moralo wa tshebetso bakeng sa tshehetso, diprovense le ditereke di lebeletswe hore di amehe ka ho otloloha popong ya bokgoni. Kabo ya mesebetsi ya tshehetso dipakeng tsa diprovense le ditereke ha e a qaqiswa ho feta mona.
MEKGWA YA TSHEHETSO
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Metheo ya moralo wa tshehetso wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Tataiso mabapi le mesebetsi le boikarabelo
BOIPHIHLELO BO TENG HO FIHLA MONA
Mekgwa ya tshehetso e teng hona jwale bakeng sa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng e ne e sa nyalane le ditlhoko tsa tshehetso tsa mokgahlelo wa B wa bomasepala ba banyenyane ba neng ba sa kgone popo ya bokgoni boo eleng ba bona ba moralo wa profeshenale. Tshehetso ya mmuso wa naha (e jwalo ka ho nehelana ka tataiso le dibukana tsa tataiso), le ha e le tshehetso ya provense ( e kang ho nehelana ka melawana, tlhophiso ya thupelo le diwekshopo tsa phapanyetsano, le ho nehelana ka tataiso ya tlhophiso) ha di a ka tsa kwala sekgeo bakeng sa ho rala le ho thusa ka mahlale boemong ba selehae. Ho ne ho ile ha etswa phoso ya ho hopola hore batsamaisi ba bomasepala ba ka ba le bokgoni ba ho nka mosebetsi wa ho rala le ho thusa ka lebaka la hobane ba fuwe bukana ya tataiso le thupelo e kgutshwanyane e simollang. Batsamaisi ba bomasepala le ha ho le jwalo, ba ne ba hloka nako le boiphihlelo ba profeshenale ba ho nka mosebetsi wa ho rala nakong ya dikgwedi tse seng kae. Sekgeo sa tshehetso, ka lebaka leo, se ile sa tlatswa ke dikhonsaltente. Tharollo e nnile ya fumaneha e sa anela diketsahalong tse ngata, tlasa mabaka a mabedi:
Dikhonsaltente di ne di lemaletse ho sebedisa tshebetso e amanang le sehlahiswa ho feta tshebetso e tshehetsang ebile e bopa bokgoni. Ho feta mona bomasepala ba bangata ba neng ba fane ka mosebetsi ona wa moralo o kopanetseng wa ntshetsopele ho etswe ke dikhonsaltente ba ne ba batla tokomane eo qetellong e tla tjhaellwa monwana ke Molekgotla wa phethahatso, ka hoo e le ho kgotsofatsa tlhoko ya molao.
Dikhonsaltente tse ngata tse neng di etsa moralo e ne ele batho ba ikgetha moralong wa mofuta wa teropo wa kgale. Ba ne ba sa tsebe dikgopolo tsa moralo o fang bohle monyetla wa ho phehisa kapa moralo wa lewa le wa ho rala morero wa projekte.
Ha ho mefuta e teng ya baemedi ba tshehetso e neng e ka nka mosebetsi wa ho fana ka tataiswa e tsamayang ka moralo wa profeshenale ho batsamaisi ba masepala nakong ya tshebetso ya ho rala le ho etsa moralo.
METHEO YA MORALO WA TSHEHETSO YA MORALO O
KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
Dikarolo tse pedi tsa moralo le tshehetso ya moralo le tsamaiso ya puso ya selehae di lokela hore di kgethollwe:
Ditlamo tsa Molao wa Motheo tsa tshehetso ya setjhaaba jwalo ka lesedi ka ditjhelete, tataiso ya leano, lesedi le amanang le leano, tlhokomelo le taolo. Mofuteng ona wa tshehetso mekgatlo ya boemedi e jarang boikarabelo e lokela ho nehelana ka moralo o tadimetseng dintho pele le moralo o amanang le phepelo.
Ditshebeletso tsa profeshenale tse tshwanang le tataiso nang le moralo o latetsweng, thuso, ditokomane, ya diphuputso le dipatlisiso tsa tlhophollo jwalo jwalo. Tshebeletso tsena di ka nehelwa ke bafepedi ba praevete kapa ba ditshebeletso tsa setjhaba, ho ya ka bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso. Ditshebeletso tsena di lokela hore ho nehelanwe ka tsona feela ho ya ka motheo wa patlo.
Mabapi le tikoloho ya nako ke ntlha ya bohlokwa ho tlisa phapano dipakeng tsa ditlhoko tsa tshehetso ya nakwana le ya moshwella:
Tshehetso ya nakwana e atisa hore ebe tshehetso e fanang ka bokgoni. E lokela hore e tliswe ho fa ba amehang bokgoni ba ho phethahatsa msebetsi ya bona ha mmoho le boikarabelo ho latela ditlhoko tse ntjha.
Tshehetso ya moshwella hangata ke ho nehelana ka ditshebeletso tseo mmuso o tlangwang ke boikarabelo ba tsona ka lebaka la dipolotiki ntle le hoba le bokgoni ba ho iketsetsa ona ka lebaka la kgaello ya sekepele sa ekhonomi le menyetla ya boikgetho.
Tshehetso ya profeshenale e lokela hore e laolwe ke bomasepala. Ha e la lokela ho amoha bomasepala boikarabelo ba tsamaiso. Jwalo ka ha batsamaisi ba masepala ba keke ba lebellwa ho etsa mosebetsi wa ho rala (empa ba ka lebellwa ho tsamaisi ba ralang), ba ralang ha ba lokela ho dumellwa ho etsa mosebetsi wa motsamaisi wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng.
Motheo wa tlatsetso: Mekgwa ya Tshehetso e lokela hore e atamelane haholo le karolo ya selehae ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Eng kapa eng e ka etswa le yona empa ke ntho e ka etswang ka moralo o ntlafetseng boemong bo tlasenyana mme ha se mosebetsi o ka etswang boemong bo hodimonyana. Ntho efe kapa efe e etswa ka ho phethahala ke bafepedi ba teng hona jwale ba ditshebeletso ha e a lokela ho etswa bafepedi ba ditshebeletso ba sa tswa qala.
Boikarabelo ba mekgwa ya tshehetso ya masepala bo lokela hore ka moo ho ka kgonehang ka teng, bo fellle kahare ho lehlakore la puso ya selehae. Mekgwa e metjha ya thuso e lokela feela ho tlatseletsa dikgeong tse teng, eseng ho nkela sebaka tshehetso e sebetsang e ntseng e le teng.
MEKGWA YA TSHEHETSO
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
3 Metheo ya moralo le tshehetso ya moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Tataiso mesebetsing le boikarabelong
TATAISO YA MESEBETSI LE BOIKARABELO KAHARE HO
MORALO WA TSHEHETSO WA MORALO O KOPANTSWENG
WA NTSHETSOPELE
Mosebetsi wa mmuso wa naha wa ho tshehetsa moralo wa masepala (ntle le mosebetsi wa ho tsepamisa moralo wa molao wa tshebetso le tataiso ya leano ha mmoho le metheo);
ho nehelana ka disebediswa tsa moralo kapa mekgwa;
ho hlokomela katoloso ya moralo o akaretsang wa tshebetso bakeng sa mananeo a thupelo le ntshetshopele ya manane a thuto;
ho nyehela ditefellong tsa moralo ho fumana hore ho thehwe moralo wa thuso o akaretsang setjhaba;
ho hlokomela tshebetso ya moralo le phethahatso; le ho nehelana ka menyetla ya phapanyetsano ya mehopolo le boiphihlelo.
Mosebetsi wa tshehetso ya puso ya provense (ntle le mesebetsi eo eleng ya provense mokgweng wa moralo) ke:
ho fana ka tataiso e batsi ya mehato bakeng sa tshebetso ya moralo;
ho nehelana ka karabelo ya profeshenale dikarolong tse nang le mekgwa e ka latelwang ha mmoho le dikarolo tsa ditokelo le boikarabelo tsa MNK;
ho nyehela ditjehong tsa moralo;
ho hlophisa marangrang a thuto dipakeng tsa bomasepala;
ho tiisa hore ho na le tsela ya ho fihlella mananeo a loketseng a thupelo; le ho hlokomela tshebetso ya ho rala le phethahatso.
Makgotla a setereke a lokela ho tshehetsa bomasepala ba selehae ba haellwang ke bokgoni ba ho rala ka:
ho etsa hore ho fumanehe lesedi le amanang le ho rala ha mmoho le tsamaiso;
ho fana ka tataiso e nang le moralo o ka latelwang ho masepala ya itseng nakong ya mosebetsi wa ho rala( mohlomong ka ho tshwara diwekshopo tse kopantsweng le bomasepala ba selehae bakeng sa dikarolo tse itseng tsa bohlokwa tsa Moralo wa ntshetsopele o kopantsweng);
ho rupela bahlanka ba masepala wa selehae le ditho tsa makgotla ka ho tsamaisa tshebetso ka ditshebetso tsa ?boithuto ba sebetsang ka ho etsa?;
ho hokela bomasepala ba selehae ditshebeletsong tse loketseng, lesedi le thupelo; le ho fana ka menyetla bakeng sa ho arolelana dikgopolo le boiphihlelo le ho nka mehato e itseng ya moralo ka diwekshopo tse kopantsweng.
iv. Mokgatlo wa praevete (dikhonsaltente le Mekgatlo eo eseng ya mmuso) e ka sebedisetswa ditshebeletso tsohle tse amanang le ho rala kaofela tse sa ameng boikarabelo ba taolo ya selehae tse hlokang mahlale a ikgethang le tse ka etswang ke batho ba kantle ka moralo o bonolo.:
Mekgatlo eo eseng ya mmuso e ka sebedisetswa ka ho ikkgetha ho thusa setjhaba le dihlopha tsa batho ba hlophehileng, tse sa hlophiswang hantle hore ba amehe mosebetsing ona ka ho theha mekgwa ya boemedi bo loketseng le mekgwa e itseng.
Dikhonsaltente tsa praevete di ka sebediswa, haholoholo bakeng sa dinyehelo tsa dihlahiswa tse ikgethang (mohlala dipatlisiso tsa thekniki, diphuputso, tlhahlobo tsa tshusumetso ya tikoloho, tlhophiso ya meralo le GIS).
Thuso ya ho rala diwekshopo le dikopano e hloka tsebo e ikgethang haholo le ya boemo bo hodimo. Bathusi ba nang le bokgoni ha ba bangata mme ba ka hirwa Mekgatlong eo eseng ya mmuso, mekgatlong ya praevete kapa karolong ya kahare ho mmuso.
MEKGWA YA TSHEHETSO
Moralo wa tshebetso o teng wa molao le leano
Boiphihlelo ho fihlela mona
Metheo ya moralo wa tshehetso wa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng
Tataiso ya meralo le boikarabelo
Lefapha la Puso ya Provense le Puso ya Selehae le tshwarane le mosebetsi wa ho theha ?Moralo wa Tshehetso wa Tsamaiso ya Moralo le Phethahatso? o akaretsang setjhaba, o tsamaelanang le tataiso tsena.
Kabo ya mesebetsi kahare ho moralo wa tshehetso e ka thuso bohle ba nang le kabelo ba amehang ho fumana matla le boikarabelo ba bona. Tsela ena ha e a lokela hore e nkuwe e le e kekeng ya fetolw le e laeletsang feela. Ho na le moo boikarabelo bo amanang teng, ho tshwanetse hore ho etswe monyetla wa tenyetseho ho latela maemo a selehae, mme ho ka nna ha ba le phehisano dipakeng tsa mefuta e fapaneng ya bafepedi ba ditshebeletso.
TLHAHLOBO LE KANANELO YA MERALO E KOPANTSWENG
NTSHETSOPELE
MORALO WA TSHEBETSO O TENG HONA JWALE WA MOLAO
LE LEANO
Tokomane e Tshweu ya Puso ya Selehae e toboketsa bohlokwa ba hore bolaodi ba phethahatso ba bomasepala bo seke ba kgellwa tlase tabeng ya mehato ya ntshetsopele le kananelo, mme ka moralo o jwalo ho hlongwe dipotso mehatong e hlokehang ya kananelo ya Molao wa Ntshetsopele ya Thuso.
Molao wa Mekgwa ya Masepala o hloka feela hore ho nehelanwe ka khopi ya MNK, ho Molekgotla wa phethahatso wa puso ya selehae, e lokelang ho amohelwa ke lekgotla la masepala. Ha MNK o sa tsamaelane le ditlhoko tsa molao kapa meralo ya ntshetsopele kapa mawa a bomasepala ba bang kapa mahlakore a mang a mmuso, Molekgotla ya ka sehloohong a ka nna a kopa masepala ho fetola moralo. Ha masepala a hana ho etsa phetoho, Molekgotla ya ka sehloohong a ka nna a kgetha komiti ya nakwana ho sebetsana le taba eo. Ha komiti ena ya nakwana e tsitlallela hore ho etswe phetoho, mmsepala o lokela ho fetola MNK.
BOIPHIHLELO HO FIHLELA MONA
Mokgwatshetshebetso wa mahlakore a puso le seabo sa bohlokwa sa baemedi ba provense le mmuso wa naha phethahatsong ya MNK e hloka mmuso wa provense le baemedi ba loketseng ba mmuso wa naha ho itahlela ka setotswana tlhahlobong kapa le kananelo ya MNK bakeng sa merero ya nyalanyo. Le ha ho le jwalo, ha ho a hlaka ho hang feela hore ke mang ya lokelang ho ba teng mosebetsing oo le hore MNK o hlahlojwa ka dintlha dife. Tataiso tse hlakileng tsa mohato tlhahlobo ya kananelo di hlokeha ho etsa hore tshebetso ena ebe le moelelo.
TATAISO YA TSHEBETSO YA TLHAHLOBO/KANANELO
MNK e lokela hore e ananelwe ke makgotla a masepala feela.
Makgotla a setereke a lokela ho etsa bonnete ba kgokahanyo ya meralo ya selehae mme a lokela hore ka hoo a tsamaise mosebetsi wa dipuisano tsa ho fihlella kgokahano le nyalano ya merlo ya selehae.
TLHAHLOBO LE KANANELO
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
Tataiso tsa tshebetso ya tlhahlobo/kananelo
Ho tiisa hore hore dikamano tse teng pakeng tsa mmuso di sebetsa hantle (ho latela ka moo di lokositsweng ka teng Kgaolong ya 4), le ho nyehela mokgweng wa kgokahanyo e batsi ka mahlokereng kaofela, MNK e lokela hore e nehelwe Balekgotla ba phethahatso ba puso ya selehae bakeng sa tlhahlobo le nehelano ya tlaleho ho latela Molao wa Mekgwa ya Masepala.
iv. Tshebetso ya boemo ba provense ya tlhahlobo le nehelano ya tlaleho e lokela hore e etswe ho latela dintlha tsena tse nne tse kgolo:
nyalano le ditlhoko tsa molao;
tshebetso ya moralo wa profeshenale wa boleng le bohlokwa ba tshebediso ya ditokomane tsa moralo wa ntshetsopele o kopantsweng jwalo ka sesebediswa;
nehelano ya tlaleho ka kgoneho le monyetla wa tshebetso ya merero ya diprojeke tse lohothwang; le nyalanyo ya meralo ho tshela meedi ya setereke le hore e tsamaisane le merlo ya karolo kapa ya mafapha ho latela moelelo wa mawa a provense le bohlokwa ba ditshebeletso tsa naha ho latela ka tlhotlhomiso ya bohlokwa ba yona.
v. Molekgotla wa phethahatso wa puso ya selehae o lokela ho theha komiti ya nyalanyo ya MNK e bopilweng ka baemedi ba provense, ba mmuso wa naa le wa selehae ho fana ka maikutlo le ho buisana ka ditaba tse amanang le sekepele sa bokgoni kapa hona ho ka sebetsa ha merero ya diprojeke le nyalanyo ekasitana le hore dintho di tsamaisane hantle.
BOEMO BA MOLAO BA MNK
MORALO WA TSHEBETSO O TENG HONA JWALE WA MOLAO LE
LEANO
Boemo ba molao ba MNK bo hlaloswa Molaong wa Mekgwa ya Masepala e bolelang hore MNK:
e fana ka tsebo ntshetsopeleng ya moralo kaofela, le diqetong tse mabapi le moralo le ntshetsopele, kahare ho masepala;
e tlamahanya batho bohle (ntle le moo ho sa tsamaisanweng le molao wa naha kapa wa provense); le e hloka hore lekgotla la masepala le fane ka matla ho yona ka ho tsamaisa ditaba tsa yona ka moralo o tsamaisanang le MNK.
Ho feta moo, moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya sebaka o fuperweng ke MNK o ka sehloohong ho meralo e entsweng ho tsamaisana le Molao wa Moralo o Bonahalang, wa 1991.
Ho hlakile hore MSB e batla ho etsa hore MNK e fetohe sesebediswa se matla se tla tataisa diketso kaofela tsa lekgotla la masepala.
BOIPHIHLELO BO TENG HO FIHLELA MONA
Sepheo sa Molao wa Mekgwa ya Masepala sa ho nehela MNK matla ha se ntho e bonolo ho ka kenngwa tshebetsong. Dikarolo tse ngata tsa meralo ha di a qaqa ho lekaneng ho ka tlama; tse ding di boemong ba hore di dule di ntse di fetofetolwa haholo kgafetsa ho latela maemo a fetohang (mohlala dinako tse behetsweng ditekanyetso, menyetla e metjha) hore di ka tlama ka moelelo wa molao. Ho hlokeha qaqiso le kutlwisiso tse itseng ho ka dumella MNK hore ebe le tshusumetso.
BOEMO BA MOLAO
Moralo wa tshebetso o teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng ho fihlela mona
MNK e eteletswe pele ke metheo, meralo ya tshebetso e supang bakeng sa tshebetso tsohle tsa ho nkuwa ha diqeto kahare ho bomasepala, ho kenyeleditswe dikarolo tse ikgethang tse kang :
ditekanyetso tsa masepala le meralo ya kgwebo;
ditekanyetso tsa boipolokelo ba karolo/mafapha;
diqeto ya tsamaiso ya naha; le mehato ya ntshetsopele ya moruo.
Lekgotla la masepala le jara boikarabelo ba dipolotiki bakeng sa ho etsa diqeto le ho tsamaisa ditaba tsa lekgotla leo ho latela MNK. Katleho ya masepala e tla methwa ho latela boikemisetso le disupo tse lokodisitsweng MNK.
Moralo wa tshebetso wa ntshetsopele ya sebaka ha mmoho le MNK, e tla ba tokomane e tlamang ka molao bakeng sa qeto tsohle tsa tshebediso ya naha ho latela molao wa moralo o motjha wa sebaka o ntseng o lokiswa.
BOEMO BA MOLAO
Moralo wa tshebetso teng hona jwale wa molao le leano
Boiphihlelo bo teng hona jwale
BATHO BA BOHLOKWA BAO O KA IKOPANYANG LE BONA
Lebitso Boemo Founu Fekse Imeili
Motshwaredi wa Molaodi ya Akaretsang wa Lefapha
Molaodi:
Ntshetsopele ya Moralo le LED
MOIFO WA TSHEBETSO WA DDP (LENANEO LA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG)
LEBITSO BOEMO FOUNU FEKSE Imeili
Setho sa Moifo wa Tshebetso
Motsamaisi
Setho sa Moifo wa Tshebetso
Setho sa Moifo wa Tshebetso
BAHOKANYI BA MORALO WA NTSHETSOPELE O KOPANTSWENG BA DIPROVENSENG
LEBITSO BOEMO FOUNU FEKSE Imeili
Kapa-Leboya
Provense ya Leboya
Mpumalanga
Mabitso a hlahelang mona a tshwana le a ka hodimo ntle feela le ditho tsena tse latelang tse kenyeleditsweng:
LEBITSO BOEMO FOUNU FEKSE Imeili
MOIFO WA NAHA WA TSHEBETSO WA PIMSS
Kentse Sesele
Motsamaisi
Setho sa Moifo wa Tshebetso
Setho sa Moifo wa Tshebetso
Setho sa Moifo wa Tshebetso
Sesele@
DITHO TSE DING TSA MANANEO A DPLG
Moralo wa Kahisano
CMIP
